Beke ea 3 ea Karisima
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Daniele. (3, 25.34-43)
“Pelo ea rona e robehileng le moea o ikokobelitseng li ke li amohelehe ho uena.”
Matsatsing ao, Azaria o ile a ema ‘me a rapela tjena, a ahlamisa molomo, a le har’a mollo, a re: Ka baka la lebitso la hao, u se re lahle ho isa khale, se felise selekane sa hao.
Ka baka la Abrahama motsoalle oa hao, ka baka la Isaaka mohlanka oa hao le ka baka la Jakobo mohalaleli oa hao, se re koenehetse mohau oa hao. Ke bao u neng u ba tšepise hore u tla ngatafatsa litloholo tsa bona joaloka linaleli tsa leholimo, le joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle. Morena, re nyenyefetse ho feta lichaba tsohle, kajeno re kokobelitsoe ka bophara ba lefatše ka baka la libe tsa rona.
Ts’iung tsena ha ho sa na Morena, moprofeta kapa khosana, ha ho sa na secheso, sehlabelo, nyehelo kapa mokubetso, leha e le qalo eo ho ka nyeheloang lithakangoaha ho eona, ho batla mohau ho uena.
Empa pelo ea rona e robehileng le moea o ikokobelitseng li ke li amohelehe ho uena. Joaloka hoja ke licheso tsa lipheleu le lipoho, kapa likete-kete tsa likonyana tse nonneng, sehlabelo sa rona se ke se be joalo kajeno mahlong a hao. U ke u khahloe ke hore re u sale morao ka ho tlala, etsoe ba u tšepang ba ke ke ba tlontlolleha.
Ho tloha joale re tla u latela ka pelo eohle, re u tšabe ‘me re lakatse ho hlaha pel’a hao. Se lumelle hore re tlontlollehe, u mp’u re tšoare ka ho ea ka mosa le mohau o moholo oa hao. U re lokolle ka liketso tse tsotehang tsa hao, ‘me u tlotlise lebitso la hao, Morena.
PESALEMA 24 (4-9. R7. 6)
SE LEBALE MOHAU OA HAO, MORENA.
Mpontše ‘mila oa hao, Morena,
u nthute litsela tsa hao.
U ntataise ‘neteng ea hao ‘me u nthute,
hobane ke uena Molimo mopholosi oa ka.
Morena, se lebale mosa le mohau oa hao,
tseo e sa leng li le teng ho tloha khale.
Nteballe libe le litlolo tsa bocheng ba ka,
u nkhopole ka mohau oa hao.
Morena o molemo ‘me o lokile;
ka baka lena o khutlisetsa baetsalibe tseleng.
O tataisetsa ba eisehang ho lokeng
‘me o ruta ba fokolang tsela ea hae.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (18,21-35)
“Ha e mong le e mong a sa tšoarele ngoan’abo, Ntate a ke ke a le tšoarela.”
Ka nako eo Peterosi a tla ho Jesu, a re: Morena, ngoan’eso a ka ntšiteloa hakae, ke ntse ke mo tšoarela na? Ho isa bosupeng na? Jesu a re ho eena: Ha ke re ho isa bosupeng, empa ho isa ha mashome a supileng a metso e supileng.
Ka baka leo ‘Muso oa Maholimo o tšoantšoa ka morena ea ratileng ho lokisa tsa melato ea bahlanka ba hae. Eitse ha a qala ho lokisa, a tlisetsoa e mong ea nang le molato le eena oa litalenta tse likete li leshome. ‘Me e re ka ha a n’a se na hoo a ka lefang ka hona, mong’a hae a laela hore a rekisoe, hammoho le mosali oa hae le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, a lefe.
