Vinkmag ad

La 20 Mphalane 2026

Beke ea 29 Har’a selemo

Labobeli

 Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese (2:12-22)

“Ke eena ea re tliselitseng khotso ka ho etsa Bajodi le balichaba ntho e le ‘ngoe.”

Bana beso! Le ne le se na Kriste ka nako eo, le se na kopano le Israele kapa kabelo lilekaneng, le hloka tšepo ea pallo le se na Molimo lefatšeng lena.

 Athe joale ho Kriste Jesu, lona le neng le le hole le Molimo pele, le atamelitsoe ho eena ka mali a Kriste. Hobane ke eena ea re tliselitseng khotso ka ho etsa Bajodi le balichaba ntho e le ‘ngoe.

Ka ‘mele oa hae, a heletsa lerako la bora le neng le ba arohantse, a felisa molao oa khale ka litaelo le litemana tsa oona, hore, ka mefuta ena e ‘meli ea batho a bope ka ho eena motho a le mong e mocha, ‘me ka tsela ena a tlise khotso.

Ka sefapano, a boelanya mefuta ena e ‘meli le Molimo, a e kopanya ‘meleng o le mong, ‘me ka hona a timetsa bora pakeng tsa eona. O tlile ka molaetsa oa khotso: khotso ho lona balichaba ba neng ba le hole le Molimo, khotso ho Bajodi ba neng ba le haufi le eena. Ka Kriste, rona ba mefuta ena e ‘meli re na le hona ho atamela ho Molimo Ntate ka Moea o le mong.

Ha ho le joalo, ha le sa le balichaba kapa baeti, empa le ba sechaba se le seng le bahalaleli, ‘me le ba ntlo ea Molimo. Le moaho o thehiloeng holim’a baapostola le baprofeta, oo Kriste Jesu ka sebele sa hae e leng lejoe la oona la ntlha. Holim’a hae mohaho o tiileng o nts’o hola ho ba tempele e halalelang ea Morena. Le lona le etsoa moaho o le mong họ eena, le tle le be ntlo ea Molimo ka tšebetso ea Moea o halalelang.

PESALEMA 84

MORENA O BUA KA TSA KHOTSO LE SECHABA SA HAE.

Ke rata ho utloa se boleloang ke Morena Molimo,

hobane o bua ka tsa khotso

le sechaba le metsoalle ea hae.

Ruri pholoho ea hae e haufi le ba mo tsabang,

tlotla ea hae e tla aha fatšeng la habo rõna.

MORENA O BUA KA TSA KHOTSO LE SECHABA SA HAE.

Mohau le nete li tla khahlametsana,

toka le khotso li akane.

‘Nete e tla runya lefatšeng,

toka e lepelle le maholimong.

MORENA O BUA KA TSA KHOTSO LE SECHABA SA HAE.

Morena ka sebele o tla fana ka tse molemo,

lefatše la rona le behe litholoana.

Toka e tla mo etella pele,

khotso eona e mo felehetse.

MORENA O BUA KA TSA KHOTSO LE SECHABA SA HAE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (12:35-38)

“Ba lehlohonolo bahlanka, bao etlare ha mong’a bona a fihla, a ba fumane bu falimehile.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Matheka a lona a ke a tlangoe, ‘me mabone a lona a tuke. Le be joaloka batho ba lebeletseng mong’a bona ho khutla moketeng oa lenyalo; e tle ere ha a fihla ‘me a kokota, ba ‘mulele kapele-pele.

Ba lehlohonolo bahlanka bao, bao etlare ha mong’a bona a fihla, a ba fumane ba falimehile. Ruri kea le bolella, o tla itlama thekeng, a ba lulise fatše, ‘me a ee ka theko ho ba fepa. ‘Me leha a ka fihla ka seroko kapa ka meso, ‘me a ba fumana ba ntse ba falimehile joalo, ba lehlohonolo bahlanka bao.

Vinkmag ad

Read Previous

La 19 Mphalane 2026

Most Popular