Vinkmag ad

La 7 Loetse 2026

Beke ea 23 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (5:1-8)

“Lahlang tomoso ea khale, hobane Kriste, eo e leng Paseka ea rona, o hlabiloe.”

Bana beso! Ho utloahetse kahohle hore bohlola bo teng har’a löna, ‘me bohlola bo bokalo ha bo e-s’o ka bo e-ba teng, esita le har’a bahedene, hore e mong o nkile mosali oa ntat’ae.

Empa le tletse boikhohomoso, athe le tšoanetse ho ba le soabo, ‘me ea entseng ketso ena e ka khona a tlosoe har’a lõna. Ha e le ‘na, leha ke le sieo ka ‘mele, ke teng ka moea, ‘me ka lebitso la Morena oa rõna Jesu Kriste ke se ke ahlotse ea entseng ketso e joalo, joaloka hoja ke le teng. Ha le se le phuthehile hammoho ‘me le ‘na ke le teng ka moea, ka matla a Morena oa rõna Jesu Kriste, e ka khona ea joalo a neheloe satane, ho timetsoe ‘mele oa hae hore moea oona o tle o pholosoe ka letsatsi la Morena oa rõna Jesu Kriste.

Boithoriso ba lõna ha bo’a loka. Ana ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e lomosa hlama kaofela? Lahlang tomoso ea khale, hore le be hlama e ncha, ka ha le le mahobe a sa lomosoang; hobane Kriste, eo e leng Paseka ea rõna, o hlabiloe. Ha ho le joaio, a re etseng mokete, e seng ka tomoso ea khale, leha e le ka tomoso ea bobe le ea bokhopo, e mpe e be ka mahobe a sa lomosoang, e leng bohloeki le ‘nete.

PESALEMA 5

NTATAISE KA HO EA KA HO LOKA HA HAO MORENA.

Ha u Molimo ea khahloang ke bokhopo:

e mobe ha a amohelehe ho uena.

Baikakasi ba ke ke ba hlaha pel’a hao,

u hloile bohle ba etsang tse sa lokang.

NTATAISE KA HO EA KA HO LOKA HA HAO MORENA.

Athe ‘na, ka baka la boholo ba mohau oa hao,

nka kena tlung ea hao;

ke iname ka tšabo

ka pele ho tempele e halalelang ea hao, Morena.

NTATAISE KA HO EA KA HO LOKA HA HAO MORENA.

A ba ke ba thabe, bohle ba ts’abelang ho uena.

ba etse litlatse ho se khaotso,

bao u ba sireletsang;

ba ratang lebitso la hao

ba ithabele ka uena.

NTATAISE KA HO EA KA HO LOKA HA HAO MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6:6-11)

“Ba mo lisitse, ba tle ba bone hore na o tla folisa ka sabbatha.”

Ka sabbatha se seng hape, Jesu a kena tlung ea thapelo ‘me a ruta. Motho o n’a le teng moo ea shoeleng letsoho le letona, Bangoli le Bafarisi ba ne ba lisitse Jesu, ba tle ba bone hore na o tla folisa ka sabbatha, e le hore ba fumane seo ba ka no qosang ka sona. Empa eena a tseba mehopolo ea bona, ‘me a re ho ea shoeleng letsoho: Ema, u hlahelle pontšeng. Eena a ema, a ema har’a bona.

Eaba Jesu o re ho bona: Kea le botsa hore na, ka sabbatha, ho lumeletsoe ho etsa molemo kapa bobe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa? A nt’o ba qamaka bohle, ‘me a re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A etsa joalo ‘me letsoho la boela la phela, Bona ba tlokoma ke khalefo ‘me ba buisana hammoho ka seo ba ka se etsang Jesu.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Loetse 2026

Most Popular