Vinkmag ad

La 2 Phupu 2026

Beke ea 13 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Amose. (7: 10-17)

“E-ea, u profetele sechaba sa ka.”

Matsatsing ao, Amasia, moprista oa Bethele, o ile a romela ho Jeroboame, khosi ea Israele, molaetsa, a re: “Amose o u rerile bora kahar’a ntlo ea Israele; naha ena e s’e sitoa ho iphapanyetsa sohle seo a se bolelang. Hobane ke sena seo eena Amose a se bolelang: Jeroboame o tla bolaoa ka sabole, ‘me Israele o tla fallisetsoa hole le lefatše la habo. Amasia a re ho Amose: Ralipono, tloha, u balehele lefatšeng la Juda; u jelle bohobe ba hao teng, u profetele teng. Ha e le mona Bethele, u se hlole u profeta teng, hobane ke sehalalelo sa khosi le ntlo ea borena.

Amose a araba Amasia, a re: Ha kea tloha ke le moprofeta, leha e le setho sa mokhatlo oa baprofeta; ke molisana, ke itemela lifate tsa lisikimora. Empa Morena o ile a ntata linkung, ‘me Morena a re ho ‘na: e-ea, u profetele sechaba sa ka sa Israele.

Joale, mamela lentsoe la Morenal Uena o re: U se ke ua bolela boprofeta bo loantšang Israele, leha e le lentsoe le loantšang ntlo ea Isaaka, Athe Morena eena o re: Mosali oa hao o tla phela ka botekatse ka har’a motse, bara le barali ba hao ba rapalatsoe ka sabole lefatše la heno le seheloe ba bang ka khoele; uena u tla shoela lefatšeng le sa hloekang, ‘me Israele o tla fallisoa lefatšeng la habo.

PESALEMA 18

LIKAHLOLO TSA MORENA KE TSA ‘NETE, LI LOKILE KAOFELA.

Molao oa Morena o phethehile, o fana ka bophelo:

temoso ea Morena e nepahetse, e hlalefisa sethoto.

Litaelo tsa Morena li lokile, li thabisa pelo:

taolo ea Morena e hlakile, e khantšetsa mahlo.

LIKAHLOLO TSA MORENA KE TSA ‘NETE, LI LOKILE KAOFELA.

Ke ntho e ntle ho tšaba Morena,

e ke ke ea fetoha le khale;

likahlolo tsa Morena ke tsa ‘nete li lokile kaofela.

LIKAHLOLO TSA MORENA KE TSA ‘NETE, LI LOKILE KAOFELA.

Li khahleha ho feta gauda,

ho feta gauda e ngata e tšekehileng:

li monate ho feta linotši le lekheha la tsona.

LIKAHLOLO TSA MORENA KE TSA ‘NETE, LI LOKILE KAOFELA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (9:1-8)

“Ba tlotlisa Molimo ea nehileng batho matla a makaalo.”

Ka nako eo, Jesu a kena sekepaneng, a tšelela mose ‘me a tla motseng oa habo. Ba mo tlisetsa motho ea omeletseng litho, ea liphateng. Jesu, ha a bona tumelo ea bona, a re ho ea omeletseng litho: U khothahale, mor’a ka, u tšoaretsoe libe tsa hao.

Eaba ba bang ba bangoli ba re ka ho bona: Enoa oa nyefola. Jesu ha a bona mehopolo ea bona, a re: le hopolela’ng bobe ka lipelong tsa lõna na? E be ho bonolo ho feta ke hofe, ha e le ho re: U tšoaretsoe libe tsa hao; kapa ho re: Ema, u tsamaee. Joale hore le tle le tsebe hore Mor’a motho o na le matla lefatšeng a ho tšoarela libe, eaba o re ho ea omeletseng litho: ema, u nke liphate tsa hao ‘me u ikele hâe.

A ema, a ikela hâe. Matšoele, ha a bona hoo, a tsaba ‘me a tlõtlisa Molimo ea nehileng batho matla a makalo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 Phupu 2026

Most Popular