Vinkmag ad

La 11 Motšeanong 2026

Beke ea 6 ea Paseka

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (16:11-15)

“Morena a bula pelo ea hae hore a hlokomele tse neng li boleloa ke Paulos.”

Ra kena sekepeng Troase, ra toba Samothrake. Ka le hlahlamang ra fihla Neapolise. Ha re tloha teng ra ea Filippi, e leng koloni ea Roma le motse o moholo oa tikoloho ena ea Makedonia. Ra ba ra lula motseng ona matsatsi a seng makae. Ka letsatsi la sabbatha ra tsoela kantle ho motse, pel’a nõka, moo ho nong ho bonahala hore thapelo e teng.

Ra lula fatše ‘me ra bua le basali ba neng ba phuthehetse teng. Har’a bona ho ne ho e-na le e mong ea bitsoang Lidia, ea sebeletsang Molimo. E ne e le morekisi oa masela a purepera motseng oa Thia tira. A re mamela, ‘me Morena a bula pelo ea hae hore a hlokomele tse neng li boleloa ke Paulosi.

Eitse ha a se a hlatsoitsoe, eena le ba ntlo ea hae, a re: Ha eba le lekanya hore ke tšepahala ho Morena, le mpeng le kene ka tlung ea ka ‘me le lule teng. A ba a re qophella.

PESALEMA 149

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Binelang Morena sefela se secha,

le mo roke phuthehong ea metsoalle hae.

Israele a ke a ithabele ka ‘mopi oa hae,

bana ba Sione ba ke ba nyakalle ka khosi ea bona.

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Ba ke ba rorise lebitso la hae ka mehobelo,

ba mo roke ka meropana le harepa;

Hobane Morena o khahliloe ke sechaba hae,

o sitsa ba hlophehileng ka pholoho.

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Metsoalle ea hae e tla ba motlõtlo,

e hooe ka thabo ha e itihela ka pele ho eena;

Le phafe Molimo ka lentsoe le phefa:

ke bona boitumelo ba metsoalle eohle ea hae.

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Ho baloa Evangeling e halalelange ngotsoeng ke Joannes. (15:26.16:4)

“Moea oa ‘nete ke eena ea tla mpaka.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Etlare ha ‘Muelli a e-tla, eo ke tla le romela eena ke le ho Ntate, Moea oa ‘nete o tsoang ho Ntate, ke eena ea tla mpaka. Le lõna le tla mpaka, hobane le bile le ‘na e sa le ho qaleng.

Ke le boleletse tsena hore le tle le se ke la khoptjoa. Ba tla le leleka matlung a thapelo le hona nako ea tla, eo ka eona mang le mang ea le bolaeang a tla lekanya eka o hlonepha Molimo. ‘Me ba tla le tšoara joalo, kahobane ha ba ka ba tseba Ntate leha e le ‘na. Ke le boleletse hore ha nako ea tsona e fihla, le tle le hopole hore ke ne hle ka le bolella tsona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Motšeanong 2026

Most Popular