Vinkmag ad

La 27 Tlhakubele 2026

Beke ea 5 ea Karisima

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (20:10-13)

 “Morena o eme le ‘na joaloka mohale ea matla.”

Ka utloa ba bangata ba ntšeba, ba re: “Ka hohle hoa tšabeha! Mo qoseng, le rona a re mo qoseng.” Bohle bao e neng e le metsoalle ea ka ba ne ba lebella hore ke khoptjoe, ba re: “Mohlomong a ka qhekelleha, ra mo hlola, ra iphetetsa ho eena.”

Empa Morena o eme le ‘na joaloka mohale ea matla; ka baka leo ba ntoantšang ba tla khothometseha, ba hloloe. Ba tla ba lihlong haholo, hobane ba sitoa ho atleha; hona e tla ba tlontlollo e sa feleng, e ke keng ea lebaleha.

Morena oa makhotla, uena ea hlahlobang ea lokileng, ea tsebang hantle lipelo le maikutlo a batho, a nke ke bone boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke behile taba ea ka matsohong a hao. Binelang Morena, rorisang Morena, hobane o namoletse bophelo ba mohloki liatleng tsa ba khopo.

 

PESALEMA 17 

MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.

Kea u rata, Morena,

uena matla a ka.

Morena ke lefika la ka,

qhobosheane ea ka le molopolli oa ka.  

MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.

Molimo oa ka ke lefika,

leo ke tšabelang ho lona, ke thebe ea ka,

ke lenaka leo ke koebang ka lona,

le lerako le nqobeletsang.

MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.

 Ka hoeletsa ho Morena

ea lokeloang ke thoriso eohle,

eaba ke pholoha lireng tsa ka.

MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.

Maqhubu a lefu a ne a nkopetse hare,

liphororo tsa timelo li ne li ntutla.

Ke ne ke tletsoe ke litlamo tsa Qalo-ea-bafu,

‘me maraba a lefu a ne a nchehile.

MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.

Matšoenyehong a ka, ka hoeletsa ho Morena,

ka ikopela thuso ho Molimo oa ka;

O utloile lentsoe la ka a le tempeleng ea hae,

mohoo oa ka oa fihla litsebeng tsa hae.

MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (10:31-42)

“Ba ne ba rata ho mo tšoara, empa a phonyoha matsohong a bona.”

Ka nako eo, Bajodi ba thonaka majoe ho tlepetsa Jesu. A re ho bona: Ke le bontšitse mesebetsi e mengata e metle, e tsoang ho Ntate; ebe le ntlepeletsa ofe ho eona? Bajodi ba mo araba, ba re: Ha se ka baka la mosebetsi o motle re u tlepetsang, empa e le ka baka la nyefolo: kahobane, ere u le motho, u iketsa Molimo.

Jesu a re ho bona: Ana ha hoa ngoloa Molaong oa lona, ho thoe: Ke itse le melimo? Ha ho le joalo, Molao o bitsa ba ileng ba bolelloa lentsoe la Molimo melimo ‘me Mangolo a ke ke a etsolloa. Joale ‘na eo Ntate a mo tlotsitseng ‘me a mo romileng lefatšeng, lona le ka re joang ho ‘na: Ua nyefola, hobane ke itse: Ke Mora oa Molimo!

Ha eba ke sa etse mesebetsi ea Ntate, se ntumeleng; empa ha ke e etsa, leha le sa batle ho lumela ‘na, lumelang mesebetsi ‘me le tsebe ruri hore Ntate o ho ‘na le ‘na ke ho eena.

Ba ne ba rata ho mo tšoara, empa a phonyoha matsohong a bona. A boela a ikela mose ho Jordane, moo Joannes a neng a hlatsoetsa teng pele, ‘me a lula teng. Ba bangata ba ile ba tla ho eena; ba ne ba re: Joannes ha a ka a etsa mohlolo le o mong; empa tsohle tseo Joannes a li boletseng ka enoa, ke ‘nete.’Me ba bangata ba lumela ho eena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 26 Tlhakubele 2026

Read Next

La 28 Tlhakubele 2026

Most Popular