Vinkmag ad

La 25 Tlhakubele2026

PEHELO EA MARIA MOVIRIGO

Beke ea 5 ea Karisima

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta lsaia. (7:10-14)

“Moroetsana o tla emola.”

Matsatsing ao, Morena a boela a bua le Akhaze, a re ho eena: “Ikopele pontso ho Morena Molimo oa hao, e ka ba e hlahang tlase-tlase, Qalong-ea-bafu, kapa e tsoang holimo-limo.” Empa Akhaze a fetola, a re: “Ha ke na ho kopa, nke ke ka leka Morena.”

Ke ha Isaia a re: “Mamelang joale, Iona ba ntlo ea Davida. Hleka ha lea khotsofala ke ho khathatsa batho, ha e le moo le khathatsa le Molimo oa ka? Ka baka leo, Morena ka boeena o tla le fa pontšo: moroetsana o tla emola, a belehe mora, ‘me a mo rehe lebitso la Emmanuele,” ke hore “Molimo o na le rona.”

KE ‘NA EO, KE TLA HO PHETHA THATO EA HAO, MORENA.

 Ha u khahloe ke mahlahelo, leha e le linyehelo,

empa u nthiholotse litsebe; ha u hloke licheso

le mahlahelo bakeng la sebe;

ke ha ke re: Ke ‘na eo, kea tla!

Bukeng ho ngotsoe taelo

ea hore ke phethe thato ea hao.

KE ‘NA EO, KE TLA HO PHETHA THATO EA HAO, MORENA.

 

Molimo oa ka, lerato la molao oa hao

le botebong ha pelo ea ka.

Ke phatlalalitse tse monate phuthehong e kholo,

ha kea ka ka thola, ua tseba, Morena.

KE ‘NA EO, KE TLA HO PHETHA THATO EA HAO, MORENA.

 Toka ea hao ha kea ka ka ipolokela eona

boinotsing ha pelo ea ka,

empa ke boletse botsepehi ba hao  le pholoho ea hao.

Ha kea ka ka patela phutheho e kholo

mohau le ‘nete ea hao.

KE ‘NA EO, KE TLA HO PHETHA THATO EA HAO, MORENA.

 

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (10:4-10)

Ke ‘na enoa! Molimo, ke tlil’o phetha thato ea hau

Bana beso! Ha ho kamoo mali a Iipoho le a liphooko a ka tlosang libe ka teng.

Ka baka leo, ha Kriste a kena lefatseng, a re: Ha u batle mahlabelo leha e le linyehelo, empa u nketselitse ‘mele; ha u khahloe ke licheso leha e le mahlabelo ka baka la libe. Ke ha ke re: Ke ‘na enoa! Molimo, ke tlil’o

phetha thato ea hao, ho ea ka se ngotsoeng ka ‘na bukeng ea Molao.

O qalile ka ho re: Ha u batle mahlabelo, linyehelo, licheso leha e le mahlabelo ka baka la libe, ha u khahloe ke tsona. Empa e ntse e le tsona tsane tse laetsoeng ke Molao. Joale o ekelitse ka ho re: Ke ‘na enoa, ke

tlil’o phetha thato ea hao.

Ka hona Molimo o felisa mahlabelo a khale, ‘me o beha ntho e ncha bakeng sa ‘ona. Ke ka thato eo re halalelitsoeng ka nyehelo ea ‘mele oa Jesu Kriste, e entsoeng hanngoe feela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1:26-38)

“U tla emola popelong, u belehe mora.”

 Ka nako eo, lengeloi Gabriele la romeloa ke Molimo motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, ho Movirigo ea neng a qetsoe ke monna ea bitsoang Josefa, oa ntlo ea Davida. Lebitso la Movirigo e ne e le Maria.

Lengeloi la fihla ho eena, Ia re: “Ahe ea tlotliloeng haholo, Morena o na le uena; u lehlohonolo har’a basali.” A ferekanngoa ke lentsoe lena, ‘me a ipotsa hore na tumeliso ena e bolela’ng.

Eaba lengeloi le re ho eena: Se tsohe, Maria, hobane u fumane mohau ho Molimo. Bona, u tla emola popelong, u belehe mora, ‘me u tla mo reha lebitso Ia Jesu. O tla ha moholo, a bitsoe Mora oa Ea holimo-limo. Morena

Molimo o tla mo neha terone ea Davida ntat’ae; o tla rena holim’a ntlo ea Jakobo ka bosafeleng, ‘me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.

Maria a re ho lengeloi: Hoo ho tla etsahala joang, ha e le moo ke sa tsebe monna? Lengeloi la araba, la re ho eena: Moea o Halalelang o tla theohela ho uena, ‘me matla a Ea holimo-limo a tla u haeletsa. Ka baka Ieo Ea halalelang ea tla belehuoa ke uena o tla bitsoa Mora oa Molimo. Le eena Elisabetha, mohaeno, o emotse mora botsofaling ba hae, ‘me ena ke khoeli ea botselela ho eo ea neng a bitsoa nyopa; hobane ha ho

letho le ka sitang Molimo.

Ke ha Maria a re: Ke ‘na enoa lekhabunyane la Morena; ha ho ke ho etsoe ho ‘na ka ho ea ka polelo ea hao. ”Me Iengeloi ia mo siea.

Vinkmag ad

Read Previous

La 24 Tlhakubele 2026

Read Next

La 26 Tlhakubele 2026

Most Popular