Vinkmag ad

La 16 Tlhakubele 2026

Beke ea 4 ea Karisima

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (65: 17-21)

“Seboko le lillo ha li sa tla utloahala teng.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke se ke tla bopa maholimo a macha le lefatše le lecha. Tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, ha li sa tla khutlela khopolong ea motho. Bakeng sa tsona ke tla bopa thabo le nyakallo e sa feleng; hobane Jerusalema ke e fetola “Nyakallo”, le sechaba sa eona “Thabo.”

 

Ke tla nyakalla ka Jerusalema, ke be ke ithabele ka sechaba sa ka. Seboko le lillo ha li sa tla utloahala teng. Teng ha ho sa tla ba le lesea le phelang matsatsi-nyana feela, leha e le leqheku le tla shoa pele ho nako. Ha motho a e-shoa a le lilemo tse lekholo e tla ba o shoele a nts’a le monyenyane, ‘me ho se fihlele lekholo e tla ba pontšo ea thohako. Ba tla aha matlo ‘me ba phele ho ‘ona; ba tla lema morara ‘me ba je litholoana tsa oona.

 

PESALEMA 29

KE TLA U TLOTLISA, MORENA, HOBANE U NTŠIRELELITSE.

Ke tla u phafa, Morena, hobane u mphahamisitse,

‘me ha ua ka ua lesa lira tsa ka ho ntja litšeho.

Morena, u nkinotse Qalong-ea-bafu,

u mpaballetse bophelo

esere ka theohela ka lebitleng.

KE TLA U TLOTLISA, MORENA, HOBANE U NTŠIRELELITSE.

Binelang Morena, lona metsoalle ea hae,

le mo lebohe le ntse le hopola khalalelo ea hae.

Khalefo ea hae ke ea motsotsoana feela,

athe mohau oa hae ke oa bophelo bohle.

KE TLA U TLOTLISA, MORENA, HOBANE U NTŠIRELELITSE.

Ak’u nkutloe, Morena, u nkhauhele,

u b’u nthuse, Morena.

U fetotse sello sa ka monyanyako.

Morena, Molimo oa ka, ke tla u boka ka mehla.

KE TLA U TLOTLISA, MORENA, HOBANE U NTŠIRELELITSE.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes     (4:43-54)

“Tsamaea, mor’a hao o phetse.”

Ka nako eo, Jesu a tloha Samaria ‘me a boela Galilea, hobane eena ka sebele o n’a sa tsoa paka hore moprofeta ha a hlonepshoe fatšeng la habo. Ha a fihla Galilea, Ba-Galilea ba mo amohela, hobane ba ne ba bone tsohle tseo a li entseng Jerusalema ka letsatsi la mokete, ka hale bona ba ne ba ile moketeng.

A khutlela Kana e Galilea, moo a neng a ile a fetola metsi veine. Ho ne ho le teng mohlanka e mong oa morena, eo mor’a hae a neng a kula Kafernauma. Eitse ha a utloa hore Jesu o fihlile Galilea a e-tsoa Judea, a tla ho eena, ‘me a mo rapela hore a theohe, a e’o folisa mor’a hae, ea neng a se a le lekhatheng la lefu. Jesu a re ho eena: Ha le sa bone lipontšo le mehlolo ha le lumele. Mohlanka eo a re ho eena: Morena, ak’u theohe, ngoan’a ka a e-s’o shoe. Jesu a re ho eena: Tsamaea, mor’a hao o phetse. Motho eo a lumela lentsoe leo Jesu a ‘moleletseng lona, ‘me a ikela.

O n’a nts’a theoha, ha bahlanka ba hae ba mo khahlametsa, ba ‘molella hore ngoan’a hae o phetse. A ba botsa hora eo a qalileng ho thuseha ka eona. Ba re ho eena: Ke maobane, ka hora ea bosupa, feberu e ileng ea mo tlohela. ‘Me ntat’a ngoana a tseba hore e ne e le ka eona hora eo Jesu a itseng ho eena: Mor’a hao o phetse. Eaba oa lumela, eena ‘moho le ntlo ea hae kaofela.

Ona ke mohlolo oa bobeli oa Jesu, oo a ileng a o etsa hoba a fihle Galilea a e-tsoa Judea.

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Tlhakubele 2026

Most Popular