Beke ea 5 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (1:18-25)
“Re ruta Kriste ea thakhisitsoeng, eo e leng khopiso ho
batho; empa ho ba bitsitsoeng e leng bohlale ba Molimo.”
Bana beso! Kriste h’a nthoma ho hlatsoa, empa ho bolela Evangeli, eseng ka bokheleke, esere sefapano sa Kriste sa fetoloa lefeela, hobane ho bua ka sefapano ke bohlanya ho ba eang timelong, athe ke matla a Molimo ho ba eang pholohong, ke hore ho rona.
Hobane ho ngotsoe, ho thoe: Ke tla timetsa bohlale ba ba bohlale, ke felise masene a ba masene. O kae ea bohlale? O kae mohlalefi? O kae mangangelle oa tsiu tsena? Ana Molimo h’a ka a fetola bohlale ba lefatse lena bohlanya? Ere kaha lefatse, ka tsela ea bohlalefi ba Iona, le sa ka la tseba Molimo bohlaleng ba hae, ho khahlile Molimo ho pholosa balumeli ka bohlanya ba thuto ea rona.
Efela Bajodi ba kopa lipontso, ‘me Ba-Gereke ba batla bohlale. Ha e le rona, re ruta Kriste ea thakhisitsoeng, eo e Ieng khopiso ho Bajodi le bohlanya ho balichaba. Empa ho ba bitsitsoeng, leha e le Bajodi kapa
Ba-Gereke, ke Kriste eo e Ieng matla a Molimo le bohlale ba Molimo, hobane bothoto ba Molimo bo feta bohlale ba batho, ‘me bofokoli ba Molimo bo feta matla a batho.
PESALEMA 32
LEFATŠE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.
Etsetsang Morena Iitlatse, Iona ba Iokileng,
ba lokelang ho mo rorisa ke ba pelo Ii ntle.
Bokang Morena ka harepa,
le mo letsetse cithara.
LEFATŠE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.
Hobane lentsoe la Morena ke Ia ‘nete,
le mesebetsi eohle ea hae e tiile.
O rata toka, o hloka leeme,
lefatse Iohle le tletse mohau oa Morena.
LEFATŠE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.
Morena o fetola merero ea lichaba Iefeela,
o nyopisa mehopolo ea merabe.
Athe morero oa Morena ‘o tiile ka mehla,
mehopolo ea pelo ea hae ke ea meloko le meloko.
LEFATŠE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.
Ho baloa Evang-eling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (5:1-11)
“Ba tlohela tsohle ‘me ba mo latela.”
Ka nako eo, ha etsahala hore, ha matšoele a n’a mo khobokanela ho utloa lentsoe la Molimo, Jesu a eme lebopong la letša la Gennesaretha. A bona likepana tse peli Ii eme lehopong la letša; batšoasi ba ne ba tsoile ho
tsona, ba hlatsoa matlooa a bona. Eaba o kena sekepaneng se seng, e Ieng sa Simone, a mo kopa hore a se suthise hanyenyane lebopong; a nt’o lula ‘me a ruta matšoele, a le ka sekepaneng.
Eitse h’a qeta ho hua, a re ho Simone: Sesisetsa moo ho tebang, le akhele matlooa a Iona, le tšoase. Simone a araba, a re ho eena: Morena, re sebelitse ka thata bosiu bohle, re sa tšoase letho; empa ho ea ka polelo ea hao ke tla akhela letlooa. ‘Me ha ba entse joalo, ba tšoasa lihlapi ka bongata ho boholo, hoo Ietlooa Ia bona le neng le taboha. Ba hoehla halekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Ba tla ‘me ha tlatsa Iikepana tse peli, hoo Ii batlileng Ii teba.
Eitse ha Simone Peterosi a bona hoo, a itihela mangoleng a Jesu, a re: Tloha ho ‘na Morena, hobane ke motho oa moetsalibe! Etsoe o n’a maketse haholo, hammoho le bohle ba nang le eena, ka tšoaso ea lihlapi
tseo ba neng ba Ii tšoasitse. Ha e-ba joalo le ho Jakobo le Joannes, bara ha Zebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Eaba Jesu o re ho Simone: U se ke ua tšoha ho tloha joale u tla ba ea tšoasang batho. ‘Me ha ba se ha tlisitse likepana tsa bona lebopong, ha tlohela tsohle ‘me ba mo latela.
