Sehopotso sa Scholastica ea Halalelang, Movrigo
Beke ea 5 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (19:16.19-21)
“Elisha a tloha, a sala Elia morao.”
Matsatsing ao, Morena a re ho Elia: U tlotse Elisha, mor’a Shafathe, oa Ahele-Mehola, ho ba moprofeta ea tla u hlahlama.
Eaba Elia o tloha moo, a fumana Elisha, mor’a Shafathe, a lema liakere tse leshome le metso e ‘meli; nakong ena on’a le akereng ea qetello. Elia a feta haufi le eena, ‘me a akhela seaparo sa hae mahetleng a hae.
Ke ha Elisha a siea lipholo, a matha ka mora’ Elia, a re: A nke ke e’o aka ntate le ‘me ho ba lumelisa, ke nt’o u sala morao. Elia a mo araha, a re: Khutla! U hanetsoe ke mang?
Elisha a khaohana le eena, a nka lipholo tse peli tsa sepane, a etsa sehlahelo ka tsona. A besa joko ea lipholo ho pheha nama ka eona, a fepa batho ba hae nama eo. A nt’o tloha, a sala Elia morao, ‘me a mo sebeletsa.
PESALEMA 148
ALLELUIA.
Rorisang Morena, Iona tsohle tse maholimong,
mo roriseng liphahameng.
Mo roriseng, Iona mangeloi ‘ohle a hae,
mo roriseng, Iona makhotla ‘ohle a hae.
ALLELUIA.
Lona marena a lefatse, le Iona lichaba tsohle,
Iona mahosana le baahloli bohle ba lefatse,
Iona bahlankana le Iona baroetsana,
Iona maqheku le Iona ba bacha.
ALLELUIA.
Ba ke ba rorise lebitso la Morena,
hobane lebitso la hae le inotsi
botlotlehi ba hae bo phahametse leholimo le lefatse,
‘me o matlafatsa sechaba sa hae.
ALLELUIA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (19:3-12)
“Ke ka baka la bothata ba lipelo tsa lona, ha Moshe a le
lumeletse ho hlala basali ba lona; empa ho ne ho se joalo tsimolohong.”
Ka nako eo, Bafarisi ba tla ho Jesu ka ho mo leka, ba re: Na monna o lumeletsoe ho hlala mosali oa hae ka lebaka lefe kapa lefe?
A araba a re ho bona: Ha le e-s’o bale hore ea bopileng motho tsimolohong, o ba bopile e le e motona le e motsehali? ‘Me a re: Ka baka leo, motho o tla siea ntat’ae le ‘m’ae, ‘me o tla khomarela mosali oa hae, ‘me ba tla ba babeli nameng e le ‘ngoe. Ka baka leo, seo Molimo a se kopantseng, motho a se ke a se arola.
Ba re ho eena: Joale ke ka baka la’ng, ha Moshe a laetse ho neha mosali lengolo la hlalo le ho mo lokolla na? A re ho bona: Ke ka baka la bothata ba lipelo tsa Iona ha Moshe a le lumeletse ho hlala basali ba Iona; empa ho ne ho se joalo tsimolohong. ‘Me ke re ho Iona: Mang le mang ea hlalang mosali ha e se haeba e le nyatsi ‘me a nyala e mong, oa feba; ‘me ea nyalang mosali ea hlaliloeng oa feba.
Barutuoa ba re ho eena: Haeba taba ea monna ea nang le mosali e le tjena, ha ho thuso ho nyala. A re ho bona: Hase bohle ba amohelang lentsoe leo, ha e se ba nehiloeng joalo. Ho na le ba sa nyaleng, hobane ba
tsoetsoe ke bo-‘m’a bona ba sitoa; ‘me ho na le ba sa nyaleng hobane ba entsoe joalo ke batho; ‘me ho na le ba sa nyaleng, hobane ba ikhethetse joalo, ka baka la ‘muso oa maholimo. Ea ka amohelang hona, a ho amohele.
