Vinkmag ad

La 5 Hlakola 2026

Beke ea 4 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (2:1-4.10-12)

Ke se ke ea ka tsela ea batho bohle. Beta pelo, Salomone, u tšare senna!

Ha nako ea lefu la Davida e se e le haufi, a laea mor’a hae Salomone, a re: Ke se ke ea ka tsela ea batho bohle. Beta pelo, u tšoare senna.  Phetha tšoanelo ea hao mabapi le Morena Molimo oa hao, ka ho tsamaea tseleng tsa hae le ka ho boloka litaelo, melao, liqeto le litaelo tsa hae, ho ea kamoo ho ngotsoeng molaong oa Moshe kateng, e le hore u tle u atlehe mesebetsing eohle le mererong eohle ea hao.

Ke  moo  Morena  a  tla  phethahatsa  pallo  eo  a  nketselitseng  eona,  ha  a  re: Ha  eba  bana  ba  hao ba  itlhokomela  metsamaong  ea  bona,   ba  tsamaea  pel’a  ka  ka botsepehi,  ka  pelo  eohle  le  ka  moea  oohle,  ho  ke  ke  ha hlokahala mohlahlami oa leloko la hao teroneng  ea Israele.

Davida a ithoballa le bo-ntat’ae, a patoa Motseng oa Davida. Nako eo Davida a ileng a busa lsraele ka eona e bile lilemo tse mashome a mane: a busa lilemo tse supileng a le Hebrone; a ba a busa lilemo tse masho­ me a mararo a metso e meraro a le Jerusalema. Eaba Salomone o lula teroneng ea ntat’ae Davida, ‘me puso ea hae ea e-ba e tiileng.

 

PESALEMA (1 Liet 29:10-12. :B!’. 12)

 

          MORENA, KE UENA EA BUSANG TSOHLE

Morena, Molimo oa Israele, uena ntat’a rona,

u bokoe ka mehla le mehla.

 

Morena, boholo le matla,

 

botlotlehi,  khanya  le  letlotlo  ke  tsa hao,

 

hobane leholimong le lefatšeng tsohle ke tsa hao.

MORENA, KE UENA EA BUSANG TSOHLE

Borena ke ba hao,

 

u phahametse  tsohle, Morena.

 

Leruo le hlompho Ii tsoa ho uena,

 

ke uena ea  busang tsohle.

MORENA, KE UENA EA BUSANG TSOHLE

Matsohong a hao ke matla le bonatla,

 

matsohong a hao tsohle lia hola,  lia   matlafala.

MORENA, KE UENA EA BUSANG TSOHLE

 

 

 Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6:7-13)

 

Jesu a ba roma.

Ka nako eo, Jesu a bitsa ba leshome le metso e ‘meli a ba roma ka bobeli, ‘me a ba fa matla holim’a meea e litšila. A ba Iaela hore ba se ke ba nka Ietho la tsela, ha e se Iere feela: ba se nke bohobe kapa khetsi leha e  le chelete ho e sunya maqhameng a bona; ba mpe ba roale meqathatso,  ‘me ba se ke ba nka kobo tse peli.

 

A re ho bona:  Tlung efe kapa efe eo le kenang ho

eona, le lule teng ho fihlela le tloha sebakeng seo. Kae kapa kae moo ba sa tl’o le amohela leha e le ho le utloa, ha le tloha teng itlhohloreng lerole maotong, e tle e be bopaki bo ba tsoang.

Eaba baa tloha, ba il’o ruta batho hore ba bake. Ba leleka bademone ba bangata, ba tlotsa bakuli ba bangata ka oli ‘me ba ba folisa.

 

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Hlakola 2026

Read Next

La 6 Hlakola 2026

Most Popular