Vinkmag ad

La 4 Hlakola 2026

Beke ea 4 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (24:2.9-17)

Ke ‘na ea fositseng, ke batlile palo ea sechaba; mohlape oo, ona o entse’ng?

Matsatsing ao, Khosi Davida ea laela Joabe le balaoli ba mabotho, ba neng ha e-na le eena, a re: E-eang le meloko eohle ea Israele, ho tloha ka Dane ho ea fihla Beersheba, le bale batho, ke tle ke tsebe palo ea sechaba. Joabe a tlisetsa khosi palo ea bongata ba sechaba. Israele e n’e e-na le likete tse makholo a robeli tsa bahlabani ba tsebang ho tšoara sabole; bahlabani ba Juda ba ne ba le likete tse makholo a mahlano. Hoba Davida a bale sechaba, a sehoa ke letsoalo ‘me a re ho Morena: Ke entse sebe se seholo ka ketso ena ea ka. Joale Morena, ak’u tšoarele molato oa mohlanka oa hao joale, etsoe ruri ke sebelitse ka bothoto.

Eitse ka le  hlahlamang  ha  Davida  a  tsoha,  lentsoe la Morena la  fihlela  moprofeta  Gade,  seboni  sa Davida, la re: Tsam’u re ho Davida: Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke u  fa  hore  u  ikhethele  linthong  tse  tharo, ke  tle  ke  u  otle  ka  e  ‘ngoe  ea tsona.

Ha Gade a fihla ho Davida, a mo  tsebisa,  a  re  ho eena: Ha e le hore u oeloe ke tlala lilemo tse supileng naheng ea hao, e le hore u balehe  khoeli  tse  tharo pel’a sera se u tebelisang, kapa e le hore ho be le lefu la seoa naheng ea hao matsatsi a mararo, u ikhethela’ng? Imamele, u mpolelle hore na karabo eo ke tla e isa ho ea nthomileng ke efe.

Davida a  re  ho  Gade:  Ke  tsielehile  hakakang!  Re ka mpa ra oela matsohong a Morena, hobane mohau oa hae o moholo, ho e-na le ho oela matsohong a batho. Eaba Morena o romela lefu la seoa Israeleng, ho qala ka eona nako eo ea hosasa ho ea fihla nakong e behiloeng. Ho tloha Dane ho ea fihlela Beersheba, ha e-shoa batho ba mashome a supileng a Iikete har’a   sechaba.

Eitse ha Lengeloi le otlollela letsoho nq’a Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ka baka la kotlo ena. Eaba o re ho Lengeloi le timetsang sechaba: Ho sa lekane; khutlisa letsoho la hao joale! E ne e le ha Lengeloi la Morena le eme pel’a seotlo sa Arauna oa mo-Jebuse.

Ha Davida a bona lengeloi le bolaeang sechaba, a bua le Morena, a re: Ke ‘na ea fositseng, ke ‘na ea entseng sebe.  Mohlape   oo,   oona   o   entse’ng?  Letsoho la  hao  le  mpe  le  otle  ‘na  le  ba  ntlo  ea  ntate!

 

PESALEMA 31

MORENA, U NTŠOARELE MOLATO OA SEBE SA KA.

Ho lehlohonolo eo sebe sa hae se  tšoaretsoeng,

eo phoso ea hae e hlakotsoeng.

 

Ho lehlohonolo motho

 

eo Morena  a  sa  ‘meheng molato,

eo ho  seng  mano  moeeng  oa  hae.

MORENA, U NTŠOARELE MOLATO OA SEBE SA KA.

 

Ke ile ka u bolella sebe sa ka,

ka  se  ke  ka  u  patela  molato  oa  ka.

Ka re: Ke tla ipolela phoso ea ka ho Morena;

‘me  uena  u  ntsoaretse  molato  oa  sebe  sa   ka.

MORENA, U NTŠOARELE MOLATO OA SEBE SA KA.

 

Ha feela e mong le e mong oa metsoalle ea  

hao a ka u rapela nakong ea mathata,

 

moroallo oa  metsi  o  ke  ke  oa  mo fihlela.

 

Ke uena setsahelo sa ka, u mphemisa matšoenyeho,

 

u etsa  hore ke teeloe  hare  ka  litlatse tsa  pholoho.

MORENA, U NTŠOARELE MOLATO OA SEBE SA KA.

 

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6:1-6)

Ha ho moo moprofeta a hlompholloang, ha e se motseng oa habo.

 

Ka nako eo, Jesu a boela motseng ha habo, ‘me barutuoa ba hae ha ea le eena.  Ka letsatsi la sabbatha, a qala ho ruta tlung ea thapelo; ‘me ba bangata, ha ba mo utloa, ba tsota, ba re: Tsee kaofela eo o Ii nka kae? Bohlale boo, boo a bo filoeng, ke bo joang?  Le liketso tsee tse matla tse etsoang ka matsoho a hae Ii hlaha kae? Na eo ha se ‘metli oa mapolanka, mor’a Maria, le ngoan’abo Jakobo   le   Josefa   le   Juda le Simone? Ana le likhaitseli tsa hae ha Ii moo har’a rona?

Ba ne ba khopiseha ke eena.  Eaba Jesu  o  re ho bona: Ha ho moo moprofeta a hlompholloang, ha e se motseng   oa  habo,   har’a  bang  ka  eena  le  lapeng la bo.

O n’a  sitoa  ho  etsa  mohlolo  ofe  kapa  ofe  moo,   ha e se oa ho folisa bakuli ba seng bakae, ka ho ba beha matsoho. O n’a makalla ho sa lumele ha bona, ‘me  o n’a e-ea  le  metsana  e  ka  mathoko,  a  nts’a   ruta.

 

 

Vinkmag ad

Read Previous

La 3 Hlakola 2026

Read Next

La 5 Hlakola 2026

Most Popular