Beke ea 34 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Daniele. (6:11-27)
“Molimo o rometse lenyeloi la hae ho koala melomo ea litau.”
Matsatsing ao, banna ba bang ba ile ba fihla ba matha, ‘me ba fumana Daniele a rapela, a hlahisa likopo tsa hae ho Molimo oa hae. Eaba ba ea bona khosi (Dariuse), ba mo hopotsa taelo ea hae ea borena, ba re: “Hleka ha uạ ka ua tekenela taelo e reng, pele matsatsi a mashome a mararo a feta, mang kapa mang ea tla rapela molimo o mong kapa motho e mong, ha e se uena khosi, o tla akheloa ka sekoting sa litau?” Khosi ea araba, ea re: “Taelo e tiile; molao oa Ba-Mede le Ba-Persia ha o fetohe.”
Ba fetola khosi, ba re: “Daniele, e mong oa ba kholehong ba tsoang Juda, ha a u tsotelle, khosi, leha e le taelo e tekenetsoeng ke uena; empa, hararo ka letsatsi, o etsa thapelo ea hae.” Ha khosi e utloa taba eo, ea hauha haholo ‘me ea nahana ka tsela eo e ka pholosang Daniele ka eona. Ho fihlela letsatsi le likela, ea leka ho fumana mokhoa oa ho mo namolela. Empa banna bao ba bokana, ba ea ho khosi, ba fihla, ba re: “Khosi, u tlamehile hore ebe ua tseba: ka ho ea ka molao oa ba-Mede le ba-Persia, ha ho taelo leha e le thibelo e behiloeng ke khosi e ka fetoloang.”
Eaba khosi e laela hore Daniele a tlisoe, ‘me a akheloe ka sekoting sa litau. Leha ho le joalo, khosi ea re ho Daniele: “Molimo oa hau, eo u mo sebelelitseng ka phehello e kaalo, a ke a u pholose e le eena.”
Ha tlisoa letlapa ho koahela molomo oa sekoti, ‘me khosi ea le tlapisa ka letšoao la eona le ka matšoao a mahosana a eona, e le hore ho se be phetoho e ka etsetsoang Daniele. Khosi ea khutlela tlung ea borena ho ea robala e sa ja letho, ebile e lelekile le libini tsa eona tsa basetsana. Ea hlobaela, ‘me eare hoseng ha mafube a hlaha, ea tsoha, ea potlakela sekoting sa litau.
Ha khosi e fihla sekoting, ea hoelehetsa Daniele e le mahlomoleng, ea re: “Daniele, mohlanka oa Molimo ea phelang, na Molimo oa hau, eo u mo sebelelitseng ka phehello e kaalo, o fetse a u pholosa litaung?” Daniele a araba khosi, a re: “Khosi, u ‘n’u re phelele kamehla, Molimo oa ka o rometse lenyeloi la hae ho koala melomo ea litau. Ha li’a nketsa letho, hobane mahlong a hae ke fumanoe ke se na molato. Le uena khosi, ha kea u etsetsa letho le lebe.”
Khosi ea thaba haholo ‘me ea laela hore Daniele a nyolloe sekoting. Daniele a nyolloa sekoting, ‘me ha hoa ka ha fumanoa le leqebanyana ho eena, hobane o na tšepile Molimo oa hae. Khosi ea laela hore banna ba neng ba qositsoe le Daniele ba tlisoe ‘me ba akheloe ka sekoting sa litau, e be bona, bana ba bona le basali ba bona. Le pele ba fihla fatše sekoting, litau tsa be se li ba tšoara, li ba robokella le masapo.
Eaba khosi Dariuse o ngolla ba lichaba tsohle, ba merabe eohle le ba lipuo tsohle, ka bophara ba lefatše o re: “Khotso ho lona bohle! Ke ‘na ea le fang taelo ea hore, ka bophara ba ‘muso oa ka, batho ba tšabe ‘me ba hlomphe Molimo oa Daniele, kaha e le eena Molimo ea phelang, ea leng teng ka ho sa feleng, eo borena ba hae bo ke keng ba nyametsoa, le ‘muso oa hae o ke keng oa e-ba le bofelo. Ke eena mopholosi le monamoleli, moetsi oa lipontšo le limakatso maholimong le lefatšeng; ke eena ea pholositseng Daniele marong a litau.”
PESALEMA (Dan. 68-74 R. S)
MO RORISENG LE MO PHAFE KA BOSAFELENG
Bokang Morena, lona liphoka le tšeole,
mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.
Bokang Morena, lona serame le mohatsela,
mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.
MO RORISENG LE MO PHAFE KA BOSAFELENG
Bokang Morena, lona maqhoa le mahloa,
mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.
Bokang Morena, lona masiu le motšeare
mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.
MO RORISENG LE MO PHAFE KA BOSAFELENG
Bokang Morena, lona leseli le lefifi,
mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.
Bokang Morena, lona mahalima le maru,
mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.
MO RORISENG LE MO PHAFE KA BOSAFELENG
Lefatše a le ke le boke Morena,
le mo rorise, le mo phafe ka bosafeleng.
MO RORISENG LE MO PHAFE KA BOSAFELENG
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (21:20-28)
“Jerusalema e tla hatakeloa ke balichaba, ho fihlela nako ea lichaba e phethahetse.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Etlare ha le bona Jerusalema e teetsoe hare ke makhotla, mohlang oo le tsebe hore tšenyo ea eona e atametse. Ka nako eo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba leng motseng ba tsoe ho oona, ‘me ba leng naheng ba se ke ba kena ho oona. Hobane e tla ba matsatsi a phetetso, ao ka ‘ona tsohle tse ngotsoeng li tla phethahala.
Ho malimabe baimana le ba anyesang ka matsatsi ao! Ho tla ba teng tsietsi e tšabehang lefatšeng le khalefelo ho sechaba sena. Batho ba tla bolaoa ka sabole, ba bang ba isoe kholehong lichabeng tsohle; ‘me Jerusalema e tla hatakeloa ke balichaba, ho fihlela nako ea lichaba e phethahetse.
Lipontšo li tla ba teng letsatsing, khoeling le linaleling. Lefatšeng, lichaba li tla ba matsoalong, li tsielehile ka baka la molumo oa leoatle le oa maqhubu. Batho ba tla shoa ke tšabo le ke tebello ea tse tla oela lefatše holimo, hobane matla a maholimo a tla sisinyeha. ‘Me ke moo ho tla bonoa Mor’a motho a e-tla a le ka lerung, ka matla le ka khanya e kholo. Ha tseo li qala ho etsahala, raohang le phahamise lihloho tsa lona, hobane topollo ea lona e haufi.
