Sehopotso sa Tlhahiso ea Maria Movirigo ea Lehlohonolo Tempeleng.
Beke ea 33 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Maele. (8:22-31)
“Ha e sa le bohlale bo thehiloe, e sa le qalong, pele ho lefatše.”
Bohlale ba Molimo bo re: Morena o mpopile ke le qaleho ea mosebetsi oa hae, pele ho tseo a li entseng khale-khale. Ha e sa le ke thehiloe, e sa le qalong, pele ho lefatše. Maliba a e-s’o be teng, ke ne ke se ke tsoetsoe, le liliba tse khaphatsehang metsi li ne li e-s’o be teng. Pele lithaba li hlongoa, le pele ho maralla, ke ne ke se ke tsoetsoe, a e-s’o etse lefatše, lithota, le liqoba tsa pele tsa lerole la lefatše.
Mohla a hlomamisang maholimo, ke ne ke se ke le teng; mohla a thehang selikalikoe holim’a maliba, mohla a etsang maru khurumetso e kaholimo, ‘me a phunya mehloli ea maliba, mohla a sehelang leoatle meeli, hore metsi a se ke a tlola mabopo, mohla a ralang metheho ea lefatše, ke ne ke e-na le eena ke le mohlophisi oa tsohle, ke ne ke mo thabisa ka letsatsi le letsatsi, ke ipapalla pel’a hae ka nako tsohle, ke ipapalla lefatšeng lena la hae, ke thabela bana ba batho.
PESALEMA (Lk. 1:46-55. R. 49)
HO LEHLOHONOLO MARIA MOVIRIGO EA ILENG A JARA, POPELONG EA HAE, MORA OA NTATE OA BOSAFELENG.
Pelo ea ka e tlotlisa Morena,
moea oa ka o thabetse Molimo Mopholosi oa ka.
O bone ho eiseha ha lekhabunyane la hae;
ho tloha joale meloko eohle
e tla mpitsa ea lehlohonolo.
HO LEHLOHONOLO MARIA MOVIRIGO EA ILENG A JARA, POPELONG EA HAE, MORA OA NTATE OA BOSAFELENG.
Hobane Ea matla-‘ohle o nketselitse tse kholo.
Lebitso la hae lea halalela.
Mohau oa hae o aparela ba mo tšabang,
ka meloko le meloko.
HO LEHLOHONOLO MARIA MOVIRIGO EA ILENG A JARA, POPELONG EA HAE, MORA OA NTATE OA BOSAFELENG.
O sebelitse tse matla ka letsoho la hae,
o qhalantse ba pelo li ikhohomosang.
O theotse ba matla literoneng,
o phahamisitse ba eisehang.
HO LEHLOHONOLO MARIA MOVIRIGO EA ILENG A JARA, POPELONG EA HAE, MORA OA NTATE OA BOSAFELENG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (2:27-35)
“Lerumo le tla hlaba moea oa hau.”
Ka nako eo, Simeone o ile a susumeletsoa ke Moea ho tla Tempeleng; ‘me eare ha batsoali ba tlisa ngoana Jesu ho phethahatsa molao mabapi le eena, Simeone a mo sika, ‘me a boka Morena, a re:
Joale, Morena, lokolla mohlanka oa hau a ikele ka khotso, ho ea ka polelo ea hau hobane mahlo a ka a bone pholoho eo u e lokisitseng pontšeng ea lichaba tsohle, leseli la ho bonesetsa lichaba, letlotlo la sechaba sa hau sa Israele.
Ntat’a le ‘m’a ngoana ba ne ba makalla tse neng li boleloa ka eena. Simeone a ba hlohonolofatsa, ‘me a re ho Maria, ‘m’ae: Bona, ngoana enoa o behetsoe ho oa le ho tsoha ha ba bangata Israeleng, le ho ba pontšo e tlang ho hanyetsoa, -ha e le uena, lerumo le tla hlaba moea oa hao- e le hore ho tle ho senoloe mehopolo ea lipelo tse ngata.
