Vinkmag ad

La 15 Pulungoana 2025

Beke ea 32 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (18:14-16;19:6-9)

“Leoatleng le Lefubelu ha buleha tsela, ba thala joaloka likonyana.”

Ha tsohle li aparetsoe ke khutso e tletseng, le bosiu bo boholo bo se bo fetile ka lebelo, Lentsoe le matla-‘ohle la hau la theoha setulong sa borena leholimong, la tsubellela holim’a naha e soto, joaloka mohlabani ea sa qeneheleng letho, le nkile taelo e sa thekeseleng ea hau se ka sabole e bohale. La ema, la tlatsa lefu kahohle, la thetsa leholimo le ntse le hatile fatše.

Libopuoa tsohle, ka mefuta ea tsona, tsa boptjoa bocha ho latela taelo tsa hau, e le hore bana ba hau ba qobeletsoe kotsing. Ha bonoa leru le sirelelitse liahelo ka moriti oa lona, mobu o ommeng o hlaha moo metsi a neng a le teng pele. Leoatleng le Lefubelu ha buleha tsela, le sekhutlo sa joang sa e-ba moo maqhubu a neng a palamana.

Ke moo ba neng ba sirelelitsoe ke seatla sa hau ba ileng ba tšela teng e le sechaba se le seng, ba bone limakatso ‘me ba hlolloa. Ba ne ba ka lipere tse isoang makhulong, ba thala joaloka likonyana, ba ntse ba u rorisa, uena Morena ea ba namoletseng.

PESALEMA 104

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG TSEO MORENA A LI ENTSENG.

Binelang Morena, le mo roke,

le inahane ka tsohle tse tsotehang tsa hae.

Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae,

lipelo tsa ba batlang Morena li ke li thabe.

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG TSEO MORENA A LI ENTSENG.

A bolaea matsibolo ‘ohle a naha ea lira,

bana ba pele ba mala a tsona.

A ntša sechaba sa hae se nkile silvera le gauda,

ho se le ea mong ea tšeremang melokong ea sona.

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG TSEO MORENA A LI ENTSENG.

Hobane o n’a hopotse kano e halalelang ea hae

ho Abrahama, mohlanka oa hae.

A ntša sechaba sa hae se thabile,

le bakhethuoa ba hae ba nyakaletse.

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG TSEO MORENA A LI ENTSENG.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (18:1-8)

“Molimo o tla ahlolela bakhethuoa ba hae ba hooang ho eena.”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso, e ba bontšang hore ba tšoanetse ho rapela kamehla, ba se ke ba khathala. A re:

Ho ne ho le teng motseng o itseng moahloli ea sa tšabeng Molimo, ‘me ea sa reng letho ka motho. Motseng oo ho ne ho le teng mohlolohali e mong ea neng a ntse a e-tla ho eena, a re: U nkahlolele ho eo re tsekisanang le eena. Moahloli a hana ka nako e telele. Empa qetello a re ka ho eena: Leha ke sa tšabe Molimo ‘me ke sa re letho ka motho, mohlolohali enoa oa nkhathatsa. Ke tla mo ahlolela ka baka leo, e se re a ntuba hloho ka ho tla kamehla.

Morena a eketsa a re: Utloang seo moahloli ea khopo a se bolelang! Ana Molimo a ke ke a ahlolela bakhethuoa ba hae ba hooang ho eena nyene le bosiu? Na o tla ba liehela? Kea le bolella, o tla ba ahlolela kapele-pele. Empa mohla Mor’a motho a tlang, na le hopola hore o tla fumana tumelo lefatšeng?

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Pulungoana 2025

Read Next

La 17 Pulungoana 2025

Most Popular