Beke ea 32 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (7:22-8:1)
“Bohlale ke khanya ea leseli le sa feleng, seipone se se nang letheba se bontšang botlotlehi ba Molimo.”
Bohlale bo na le moea oa kutloisiso le oa khalalelo, ke oona feela o joalo, empa o mahlakore a mangata, o chatsi, oa chalametsa, o chabile, o hloka letheba, o hlakile, o ke ke oa tsoa kotsi, o rata ho loka, o chorile, ha o thijoe, oa fana, o rata batho, o tiile, o tsepame, ha o khathatsehe, o matla ‘ohle, o hlokomela tsohle, o thophothela meea eohle e nang le kutloisiso, e hloekileng ‘me e chatsi haholo.
Efela bohlale bo potlaka ho feta lebelo ka bo lona, bo’a phunyeletsa, bo bile bo thophothela tsohle ka baka la ho hloeka ha bona. Bo tsoa matleng a Molimo joaloka mouoane, ‘me bo runya botlotlehing ba Ea matla ‘ohle bo hloekile: ka baka leo ha ho letho le litšila le ka itsoakanyang le bona.
Ke bona khanya ea leseli le sa feleng, seipone se se nang letheba se bontšang mosebetsi oa Molimo le setšoantšo sa ho loka ha hae. Leha bo le inotši, bo ka etsa tsohle: bo nchafatsa tsohle, bo sa fetohe; ka meloko le meloko bo kena bathong ba halalelang, bo ba etsa metsoalle ea Molimo le baprofeta, kaha Molimo ha a rate letho ha e se ea phelang le Bohlale.
Efela bo botle ho feta letsatsi, bo feta lihlopha tsohle tsa linaleli; ha bo bapisoa le leseli, bo tla pele ho lona, hobane lona le lateloa ke bosiu, athe Bohlale bo ke ke ba hloloa ke bobe. Empa ka matla a bona bo nama ho tloha pheletsong e ‘ngoe ea lefatše ho isa ho e ‘ngoe, ‘me bo laola tsohle hantle.
PESALEMA 118
MORENA LENTSOE LA HAU KE LA KAMEHLA EOHLE.
Morena, lentsoe la hau ke la kamehla eohle,
le tiile maholimong.
‘Nete ea hau e hlola ka meloko le meloko,
u thehile lefatše ‘me le tsitsitse.
MORENA LENTSOE LA HAU KE LA KAMEHLA EOHLE.
Le kajeno, tsohle li ntse li lutse
ka ho ea ka tlhopho ea hau,
hobane tsohle li’a u sebeletsa.
Qaqiso ea lentsoe la hau e hlahisa leseli,
e fa ba se nang mano bohlale.
MORENA LENTSOE LA HAU KE LA KAMEHLA EOHLE.
Talima mohlanka oa hau ka sefahleho se elileng,
u nthute thato ea hau.
A nke ke phele, ke tle ke u rorise,
likahlolo tsa hau li ke li nthuse.
MORENA LENTSOE LA HAU KE LA KAMEHLA EOHLE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (17:20-25)
“Muso oa Molimo o ka ho lona.”
Ka nako eo, Bafarisi ba botsa Jesu hore na ‘muso oa Molimo o tla tla neng. A ba araba, a re: ‘Muso oa Molimo ha o tle ka mokhoa o bonoang ka mahlo; ‘me ho ke ke ha thoe: Bonang o mona, kapa bonang o mane. Hobane ‘muso oa Molimo o ka ho lona.
Joale a re ho barutuoa ba hae: Matsatsi a tla tla ao ka ‘ona le tla lakatsa ho bona letsatsi le le leng la Mor’a motho, ‘me le ke ke la le bona. ‘Me ba tla re ho lona: Bonang o mona, bonang o mane. Le se ke la ea, la mathela teng. Hobane joalokaha lehalima le benyang leholimong le halima ho tloha ntlheng e ‘ngoe ea leholimo ho fihla ho e ‘ngoe, Mor’a motho o tla ba joalo ka letsatsi la hae. Empa pele e ka khona a utloe mahloko a mangata ‘me a lahloe ke moloko ona.
