MOKETE OA LUKA EA HALALELANG, MOEVANGELISTA.
Beke ea 28 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Timothi. (4:9-17)
“Ke na le Luka feela.”
Moratuoa! Phakisa u tle mona ho ‘na, hobane Demase o ntšiile ka baka la ho rata lefatše lena ‘me o iketse Thessalonika, Kresense o ile Galatia, Tituse Dalmatia.
Ke na le Luka feela. U tsamaee le Mareka ‘me u tle le eena, hobane o nthusa haholo tšebetsong. Titikuse ke mo rometse Efese. U ntlele le kobo eo ke e siileng Troase ha Karposi, le libuka, haholo tsa matlalo. Alexander, lelala la koporo, o nkentse hampe haholo: Morena o tla ‘museletsa ka ho ea ka mesebetsi ea hae. Le eena u mo sesefe, hobane o loantšitse tsa rona ka matla.
Ha ke ikarabella khotla khetlo la pele, ha hoa ka hoa e-ba le ea mong ea nkemelang, empa bohle ba ntšabella. Leha ho le joalo, ba se ke ba behoa molato ke hona. Empa Morena eena a nkemela ‘me a ‘matlafatsa, hore ke tsebe ho phatlalatsa molaetsa oa hae ka ho tlala, lichaba tsohle li tle li o utloe. Ka ba ka namoleloa molomong oa tau.
Pesalema 144
METSOALLE EA HAU, MORENA, E TSEBISOE LETLOTLO LA PUSO EA HAU.
Morena, mesebetsi ea hau kaofela e ke e u lebohe,
metsoalle ea hau e ke e u boke.
E ke e phatlalatse tlotla ea puso ea hau,
e ke e bolele matla a hau.
METSOALLE EA HAU, MORENA, E TSEBISOE LETLOTLO LA PUSO EA HAU.
Ho tsebisa bana ba batho matla a hau,
letlotlo le botumo ba puso ea hau.
Morena o tšepahala lipolelong tsohle tsa hae,
o mohau liketsong tsohle tsa hae.
METSOALLE EA HAU, MORENA, E TSEBISOE LETLOTLO LA PUSO EA HAU.
Morena o lokile litseleng tsohle tsa hae,
o mohau mesebetsing eohle ea hae.
Morena o haufi le ba hoeletsang ho eena,
bohle ba hoeletsang ho eena e le ka ‘nete.
METSOALLE EA HAU, MORENA, E TSEBISOE LETLOTLO LA PUSO EA HAU.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10:1-9)
“Kotulo e kholo, empa basebetsi ha ba bakae.”
Ka nako eo, Morena a thonya ba bang, ba mashome a supileng a metso e ‘meli, ‘me a ba roma ka bobeli ho mo etella pele metseng le liqalong tsohle moo a neng a tla ea teng ka sebele sa hae. Eaba o re ho bona:
Kotulo ehlile e kholo, empa bakotuli ha ba bakae; ha ho le joalo, rapelang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae. E-eang! Ke hlile ke le roma joaloka likonyana har’a liphiri. Le se ke la nka mokotlana oa chelete, leha e le khetsi kapa meqathatso; ‘me le se ke la lumelisa motho tseleng.
Tlung efe le efe eo le kenang ho eona, qalang ka ho re: Khotso e be tlung ena. Ha eba motho ea ratang khotso a le teng moo, khotso ea lona e tla lula ho eena; ho seng joalo, e tla khutlela ho lona. Le lule tlung eona eo, le e-ja ‘me le e-noa seo ba nang le sona; kaha mosebetsi o lokeloa ke moputso oa hae. Le se ke la ea le matlo.
Motseng ofe kapa ofe oo le kenang ho oona, ha batho ba teng ba le amohela, jang tseo le li phomosetsoang. Folisang bakuli ba ho oona, le be le re ho bona: ‘Muso oa Molimo o haufi le lona.
