Vinkmag ad

Ba lifeme ba ikisa ho TK

Mekhatlo e Ikopantseng ea Basebetsi ba Lifeme e ntšitse phatlalatso e reng e morerong oa ho ea ipelaetsa o eang ho Tona-Kholo ea Lesotho ka la 18 Loetse monongoaha, e le ho ea utloa hore na ‘muso o tla sireletsa mesebetsi ea lifeme joang ha e le mona AGOA e felloa ke nako mafelong a khoeli ena Loetse.

Puisanong le Mongoli-Kakaretso oa Mokhatlo oa Unite, Solong Senohe ka la 10 Loetse monongoaha, o hlalositse hore morero ona o tla kamor’a hore mekhatlo e chang e tšola litabeng tsa ho sireletsa litokelo tsa basebetsi ba kenyeletsang ba lifeme le baitšokuli, e kene lipuisanong le ‘muso ka makhetlo mabapi le ho nchafatsoa ha lenaneo la AGOA.

A re lenaneo la AGOA, leo e leng lona mokokotlo oa tlhahiso ea mesebetsi ea lifeme kahar’a Naha ea Lesotho le tlil’o fihla pheletsong khoeling ena ea Loetse, empa ho fihlela hajoale ho ntse ho sa tsebahale hore na ‘muso o morerong oa ho le nchafatsa kapa che.

A re sena se bakile pherekano e kholo kahar’a basebetsi kaha ba se na bonnete ba hore na mesebetsi ea bona e ntse e bolokehile.

Senohe o boetse a re litaba tse ling tseo mekhatlo ena e kopaneng le ‘muso ka tsona li akha ho ntlafatsa meputso le ho boloka mesebetsi ea basebetsi ba lifeme, empa ‘muso o bonahala o sa ba sekehele tsebe.

A re basebetsi bana ke bona ba kenyang letsoho ka ho fetisisa kholisong oa moruo oa naha ena, le hoja mesebetsi ea bona e sa sireletseha le meputso ea bona e se e phelisang.

O tsoetsepele hore kamor’a hore Naha ea Amerika e nyolle lekhetho la khoebisano lipakeng tsa linaha, basebetsi ba lifeme ba ile ba senyeheloa ke mesebetsi ka bongata, ‘me ho fihlela ha joale ‘muso o ntse o e-s’o fane ka tharollo ea hore na basebetsi ba joalo ba thusoa joang.

A re e le mekhatlo ba lekile ho kena lipuisanong le tona-kholo ho fumana se ka etsoang ho rarolla qholotso ena, empa ha b’a ka ba fumana monyetla o joalo kaha a ne a romella a mang matona a neng a araba ka hore ‘muso o tla khutlela ho bona ha o se o fihletse qeto.

Ho feta mona, Mongoli-Kakaretso oa Mokhatlo oa Basebetsi oa National Clothing Textile le Allied Workers Union, Monghali Sam Mokhele o hlalositse hore ha joale ho na le lifeme tse koetsoeng, kantle ho tse ileng tsa koaloa ka nako ea COVID-19, tse tharo tse ileng tsa behella basebetsi ka thoko nakong eo Naha ea Amerika e neng e nyolla lekhetho la khoebisano, ho tse ling ba ntse ba sebetsa ba se ba theohela nako ea libeke tse peli khoeling, ‘me sena se ama meputso ea bona e seng e ntse e fokola.

A re litaba tsena tsa tlhokahalo ea mesebetsi kahar’a naha le ho sitoa ho boloka e se ntse e le teng, ho eketsa sekhahla sa litlolo tsa molao le khoebisano ka batho, ‘me ke boikarabello ba Basotho bohle ho ema ka maoto ho susumetsa ‘muso ho etsa liqeto tse nepahetseng molemong oa sechaba

“Ke Basotho ba bangata ba bonoang ba fetoloa makhoba naheng ea boahelani ka lebaka feela la mesebetsi e sieo naheng ea habo bona, ‘me sena se ka ea moriting ha feela re ka ba ntsoeleng re le sechaba ho hlokomelisa ‘muso moo o ntseng o khibela teng.” Ke Makhele eo.

A re Basotho ba boetse ba sebelisoa hampe ke melata, ‘me ha ho likhato tse nkoang khahlanong le baetsi ba liketso tse joalo, ke ka hoo mekhatlo ena ea basebetsi e laba-labelang ho kopana le tona-kholo ka seqo ho tšohla liqholotso tsohle tseo basebetsi ba tobanang le tsona.

Motlatsi oa Mongoli-Kakaretso Mokhatlong oa LEWA, Monghali Motlalepula Setintana o bontšitse hore joaloka mokhatlo o loanelang litokelo tsa basebetsi, lipatlisisong tsa bona ba fumane hore ke bonyane chelete e kaalo ka M6,627.00 e ka thusang hore mosebetsi a fihlele litlhoko tsa mantlha.

A re leha ho le joalo, basebetsi ba bangata kahar’a naha ena ba kenyeletsang marena le basebetsi ba lifeme ba fumana chelete e tlaase haholo ho eo, ‘me sena ke sesupo sa hore litlhoko tsa bona tsa letsatsi le letsatsi ha li fihlellehe.

O boetse a re ‘muso o phatlalalitse tlhokahalo ea mesebetsi ho bacha e le tlokotsi, empa ho fihlela ha joale ha ho bonahale maputulo a letho ho loantša bothata bona. O re baitšokuli le bona ha ho le ka mohla ba kenyeletsoang lipuisanong tse amang kholiso ea moruo oa naha ena le hoja le bona ba na le seabo se seholo litabeng tsena, “ke ka hona ho leng bohlokoa hore re kopane le tona-kholo re le sechaba ka bongata ka la 18 ho teka lillo tsa rona.” A rialo h’a phethela litaba tsa hae.

Phala ea Lekala la Khoebo, Lihaelo Nkaota e tiisitse litaba tsa ho felloa ke nako ha AGOA, le ho hlalosa hore moifo oa lekala la habo o tla kalla nonyana tšepe haufinyane ho ea Amerika, ka sepheo sa ho ea buella tšireletso ea mesebetsi ea Basotho le ho theoloa ha likhafa tsa khoebisano.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Loetse 2025

Read Next

La 13 Loetse 2025

Most Popular