Vinkmag ad

La 25 Loetse 2025

Beke ea 25 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Haggai. (1:1-8)

“Le tl’o aha Ntlo e tla nkhahla.”

Ka selemo sa bobeli sa puso ea khosi Dariuse, tsatsing la pele khoeling ea botšelela, Morena a lebisa Lentsoe la hae, ka moprofeta Haggai, ho ‘musi oa Juda, Zorobabele mor’a Shealthiele, le ho moprista e moholo Joshua mor’a Jehosadake, la re: Ke sena seo Morena oa makhotla a se bolelang: Sechaba sena se re: Nako ha e-s’o fihle ea ho aha bocha Tempele ea Morena.

Joale lentsoe la Morena la tla ka moprofeta Haggai, la re: Na ke nako ea hore lona le phele matlung a khabisitsoeng ka mapolanka, ha Ntlo ee eona e ntse e le lesupi? Ka hona ke sena seo Morena oa makhotla a se bolelang: Inahaneng ka metsamao ea lona. Le jetse haholo, empa kotulo e’a fokola; le jele, empa ha lea khora; le noele, empa ha lea khotsofala; le apere, empa ha lea futhumala; ea sebeletsang moputso o o bolokile mokotleng o lesoba.

Ke sena seo Morena oa makhotla a se bolelang: Inahaneng ka metsamao ea lona. Hloellang thabeng, remang lifate, le tl’o aha Ntlo e tla nkhahla ‘me e ntlotlise, ho rialo Morena.

PESALEMA 149

MORENA O KHAHLIILOE KE SECHABA SA HAE.

Binelang Morena sefela se secha,

le mo roke phuthehong ea metsoalle ea hae.

Israele a ke a ithabele ka ‘Mopi oa hae,

bana ba Sione ba nyakalle ka khosi ea bona.

MORENA O KHAHLIILOE KE SECHABA SA HAE.

Ba ke ba rorise lebitso la hae ka mehobelo,

ba mo roke ka meropana le harepa;

hobane Morena o khahliloe ke sechaba sa hae,

o sitsa ba hlophehileng ka pholoho.

MORENA O KHAHLIILOE KE SECHABA SA HAE.

Metsoalle ea hae e tla ba motlotlo,

e hooe ka thabo ha e itihela ka pele ho eena;

e phafe Molimo ka lentsoe le phefa:

ke bona boitumelo ba metsoalle eohle ea hae.

MORENA O KHAHLIILOE KE SECHABA SA HAE.

 Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (9:7-9)

“Joannes, ke mo khaotse hloho; empa eo ke utloang tse joalo ka eena ke mang na?”

Ka nako eo Morena Heroda a utloa tsohle tse etsoang ke Jesu ‘me o n’a tsielehile, hobane batho ba bang ba ne ba re: Joannes o tsohile bafung; athe ba bang ba re: Elia o hlahile; hape ba bang ba re: E mong oa baprofeta ba khale o tsohile. Joale Heroda a re: Joannes, ke mo khaotse hloho; empa eo ke utloang tse joalo ka eena ke mang na? ‘Me o n’a lakatsa ho bona Jesu.

Vinkmag ad

Read Previous

La 24 Loetse 2025

Read Next

La 26 Loetse 2025

Most Popular