Beke ea 25 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Ezra. (9:5-9)
“Bokhobeng ba rona, Molimo oa rona ha a ka a re lahla.”
‘Na Ezra, ka nako ea nyehelo ea mantsiboea, ka phahama boitlhokofatsong ba ka, liaparo tsa ka li ntse li tabotsoe. Ka khumama ka mangole fatše, ka otlollela matsoho a ka ho Morena Molimo oa ka, ka re: Molimo oa ka, ke lihlong ke bile ke tšaba le ho phahamisetsa mahlo a ka ho uena, Molimo oa ka. Hobane makhopo a rona a mangata hoo re seng re qoetse har’a ‘ona, molato oa rona o moholo hoo o fihlang le maholimong.
Ha e sa le ho tloha mehleng ea bo-ntat’a rona ho fihlela le kajeno, re bile molato haholo. Ke ka baka la makhopo a rona, ha rona le likhosi tsa rona le baprista ba rona, re ile ra shoa ka sabole, ra hlokofatsoa ka kholeho, khapo le khatello, matsohong a likhosi tsa lichaba, joalokaha ho nts’o le joalo le kajeno.
Empa joale, Morena, Molimo oa rona, o re hauhetse motsotsoana ka ho etsa hore ho sale methoaela e phonyohileng, le ka ho re lokisetsa setšabelo qalong e halalelang ea hae. Ka hona Molimo oa rona o boetse o khantšelitse mahlo a rona ‘me o re imolotse hanyenyane kholehong, ea rona.
Efela re makhoba; empa le bokhobeng ba rona, Molimo oa rona ha a ka a re lahla. O re fumantšitse mohau ho likhosi tsa Persia, a re imolla hore re ahe bocha Ntlo ea Molimo oa rona, re tsose lithako tsa eona, a tle a re fe lerako le sireletsang Juda le Jerusalema.
PESALEMA (Tob. 13:2-8. R. 1)
HO BOKOE MOLIMO EA PHELANG KAMEHLA EOHLE.
Ke Molimo ea otlang, a be a hauhele,
o lihela tlase Qalong-ea-bafu,
a be a nyolle timelong e tšabehang;
Bontšang boholo ba hae hona teng.
Le mo phafe pontšeng ea tsohle tse phelang.
HO BOKOE MOLIMO EA PHELANG KAMEHLA EOHLE.
Ha le ka khutlela ho eena ka pelo ea lona eohle
le mo sebeletsa ka botšepehi,
le eena o tla khutlela ho lona
‘me ha a sa tla le patela sefahleho sa hae.
HO BOKOE MOLIMO EA PHELANG KAMEHLA EOHLE.
Bokang Morena oa toka,
le phafe Khosi ea mehla eohle.
Ha e le ‘na, ke mo leboha
lefatšeng la kholeho ea ka,
ke bontša sechaba sa baetsalibe
matla le boholo ba hae.
HO BOKOE MOLIMO EA PHELANG KAMEHLA EOHLE.
Lona baetsalibe, khutlelang ho eena,
etsang tse lokileng pel’a hae.
Ke mang ea tsebang,
mohlomong o tla khahloa ke lona,
a le etsetse mohau.
HO BOKOE MOLIMO EA PHELANG KA MEHLA EOHLE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (9:1-6)
“A ba roma ho phatlalatsa ‘Muso oa Molimo le ho folisa bakuli.”
Ka nako eo, hoba Jesu a bitse baapostola ba leshome le metso e ‘meli, a ba neha matla le borena holim’a bademone bohle, le matla a ho folisa mafu. ‘Me a ba roma ho phatlalatsa ‘Muso oa Molimo le ho folisa bakuli. A re ho bona:
Le se ke la nka letho bakeng la leeto, leha e le lere, khetsi, bohobe kapa chelete, ‘me ho se be le ea mong oa lona ea nkang liaparo tse peli. Tlung efe le efe moo le kenang, lulang teng, ‘me le se ke la tloha ho eona. Ha ho se motho ea le amohelang, ha le e-tsoa motseng oo, le hlohlore esita le lerole le maotong a lona, e tle e be bopaki bo ba qosang.
Eaba baa tloha, ba ea ka metsana, ba bolela Molaetsa oa Litaba tse molemo, ‘me ba folisa bakuli kahohle.
