Vinkmag ad

La 15 Loetse 2025

Sehopotso sa Maria Movirigo ea Lehlohonolo ‘M’a Mahloko.

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (5:7-9)

Mantaha

Beke ea 24 har’a selemo

“Jesu o ile a ithuta mamelo, ‘me e bile mohloli oa pholoho e sa feleng.”

Ha a ntse a phela lefatšeng, ka mohoo o moholo le ka meokho Kriste o ile a hlahisa lithapelo le likopo tse matla ho ea ka mo pholosang lefung; a ba a mameloa ka baka la hlompho ea hae ho Molimo.

‘Me leha e ne e le Mora oa Molimo, a ithuta mamelo ka mahloko a hae. Ha a se a fihletse phetheho, e bile mohloli oa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.

Pesalema 30

U MPHOLOSE KA MOHAU UA HAU, MORENA.

Ke tšabela ho uena, Morena,

ke se ke mpe ka tlontlolleha le ka mohla.

U ‘namolele ka baka la ho loka ha hau,

U ntšekehele tsebe, phakisa u tl’o nthusetsa.

U MPHOLOSE KA MOHAU UA HAU, MORENA.

U be lefika leo ke itšireletsang ka lona,

qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona.

Efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;

ua ntsamaisa,

bile ua ntataisa ho tlotlisa lebitso la hau.

U MPHOLOSE KA MOHAU UA HAU, MORENA.

U ntšoasolla lerabeng leo ba nchehileng ka lona,

hobane ke uena ea nqobeletsang, Morena.

Ke beha moea oa ka matsohong a hau;

ke uena ea ntopollang, Morena, Molimo oa ‘nete.

U MPHOLOSE KA MOHAU UA HAU, MORENA.

Ha e le ‘na, ke tšepile uena, Morena,

ke re: Ke uena Molimo oa ka.

Litšiu tsa ka li matsohong a hau;

u ‘namolele liatleng tsa lira le tsa bahlorisi ba ka.

U MPHOLOSE KA MOHAU UA HAU, MORENA.

Ke o mokakang molemo

o u o boloketseng ba u tšabang,

oo pontseng ea bana ba batho

u o etsetsang ba tšabelang ho uena.

U MPHOLOSE KA MOHAU UA HAU, MORENA.

Sefela sa ‘M’a mahloko

1.‘M’a Mahloko o n’a ema pel’a sefapano, a nts’a lla ha ngoan’a hae a fanyehoa.

2. Moea oa hae o bohloko, o soabile ‘me o hlomohileng oa hlajoa ka lerumo.

3. O sareloa hakakang, ‘m’a rona ea halalelang, ‘m’a ngoana a inotši.

4. O n’a soaba, a sisimoha, ‘M’e ea mosa, ha a bona mahloko a ngoana oa hae ea halalelang.

5. Na ke mang ea ke keng a lla, ha a bona ‘M’a Kriste litlokotsing tse kaalo?

6. ‘Me ke mang ea ke keng a hlomoha, ha a talima ‘M’a Kriste ea utloang bohloko le ngoan’a hae?

7. A bona Jesu a hlokofatsoa ka baka la libe tsa sechaba, a shapuoa ka liphafa.

8. A bona ngoan’a hae ea ratuoang a e-shoa a lahliloe, ha a nehela moea.

9. Oho ‘M’e, mohloli oa lerato, etsa hore ke utloisise bohloko bo boholo ba hau, ke tle ke lle le uena.

10. Etsa hore pelo ea ka e chesehe ‘me e rate Kriste Molimo oa ka, ke tle ke mo khahlise.

11. Oho ‘M’e ea halalelang, etsa hore maqeba a Ea thakhisitsoeng a ngoloe pelong ea ka.

12. U nkarolele mahloko a ngoana ua hau ea hlabiloeng, ea ratileng ho utloa bohloko bo bokaalo, ka baka la ka.

13. Etsa hore ke lle le uena, ke utloe bohloko le Ea thakhisitsoeng, kamehla ha ke phela.

14. Ke rata ho ema le uena pel’a sefapano le ho kopana le uena lillong tsa hau tse bohloko.

15. Oho Movirigo ea hlonephehang har’a bavirigo, u se ke ua nkhana, u mpe u ntlohele ke lle le uena.

16. U nthuse ho jara lefu la Kriste, ho ba le kabelo mahlokong a hae le ho hlonepha maqeba a hae.

17. Etsa hore ke hlajoe ke maqeba ‘me ke nyakallisoe ke sefapano le mali a Mor’a hau.

18. Ke namoleloe ke uena ka letsatsi la kahlolo, ke se ke ke cha ke malakabe a mollo.

19. Oho Kriste, ha ke tloha lefatšeng, ke fumane palema ea tlholo ka thuso ea ‘M’ao.

20. ‘Me ha ‘mele oa ka o e-shoa, etsa hore moea oa ka o fuoe tlotliso ea Paradisi. Amen, alleluia.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (2:33-35)

“Ha e le uena, lerumo le tla hlaba moea oa hau.”

Ka nako eo, ntata le ‘m’a Jesu ba ne ba makalla tse neng li boleloa ke Simeone. Simeone a ba hlohonolofatsa, ‘me a re ho Maria, ‘m’ae: Bona, ngoana enoa o behetsoe ho oa le ho tsoha ha ba bangata Israeleng, le ho ba pontšo e tlang ho hanyetsoa, ha e le uena, lerumo le tla hlaba moea oa hao e le hore ho tle ho senoloe mehopolo ea lipelo tse ngata.

Vinkmag ad

Read Previous

O nehelana ka liofisi

Read Next

La 16 loetse 2025

Most Popular