Labobeli
Beke ea 22 har’a selemo
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Thessalonika. (5:1-6.9-11)
“O shoele ka baka la rona e le hore re phele hammoho le eena.”
Bana beso! Ha e le linako le metsotso, ha le hloke hore re le ngolle ka tsona. Le lona le tseba hantle hore letsatsi la Morena le tla tla joaloka lesholu bosiu. Etlare moo ba ntseng ba re; Khotso le boiketlo! Ke moo hang-hang timelo e tla ba oela holimo, joaloka bohloko ba pelehi ho moimana ‘me ba ke ke ba phonyoha. Empa lona, bana beso, ha le lefifing hoo letsatsi lena le ka le tsometsang joaloka lesholu; hobane lona bohle le bana ba leseli, le bana ba letsatsi; ha re bana ba bosiu kapa ba lefifi.
Molimo ha a re bolokela khalefo, empa o re khethetse ho rua pholoho ka Morena oa rona Jesu Kriste, ea shoeleng ka baka la rona, e le hore, leha re falimehile kapa re robetse, re phele hammoho le eena. Ka baka leo tšelisanang ‘me le khothatsane, joalokaha le fela le etsa.
PESALEMA 26
KE KHOLOA RURI HORE KE TLA BONA MOLEMO OA MORENA LEFATŠENG LA BA PHELANG.
Morena ke leseli la ka le pholoho ea ka,
nka tšaba mang?
Morena ke tšireletso ea bophelo ba ka
nka tšosoa ke mang?
KE KHOLOA RURI HORE KE TLA BONA MOLEMO OA MORENA LEFATŠENG LA BA PHELANG.
Seo feela ke se kopang ho Morena,
seo ke se laba-labelang,
ke ho lula tlung ea Morena
matsatsi ‘ohle a bophelo ba ka,
hore ke tle ke bohe botle ba Morena,
‘me ke ‘matle tempeleng e halalelang ea hae.
KE KHOLOA RURI HORE KE TLA BONA MOLEMO OA MORENA LEFATŠENG LA BA PHELANG.
Ke kholoa ruri hore ke tla bona molemo oa Morena
lefatšeng la ba phelang.
Tšepa Morena, u tšoare u tiee;
beta pelo, u tšepe Morena.
KE KHOLOA RURI HORE KE TLA BONA MOLEMO OA MORENA LEFATŠENG LA BA PHELANG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (4:31-37)
“Kea tseba hore na u mang: U ea Halalelang oa Molimo.”
Ka nako eo, Jesu a theohela Kafarnauma, motseng oa Galilea, ‘me teng o n’a ba ruta ka matsatsi a lisabbatha. Ba ne ba makalla thuto ea hae, hobane ho ruta ha hae e ne e le hoa ea nang le matla.
Ho ne ho le teng ka tlung ea thapelo motho ea nang le modemone o litšila, ea ileng a hooa ka lentsoe le phefa, a re: U re batla’ng, Jesu oa Nazaretha? Ana u tletse ho re timetsa? Kea tseba hore na u mang. U Ea Halalelang oa Molimo. Jesu a mo khalemela, a re: Thola, u b’u tsoe ho motho eo. Hoba modemone a lahlele motho eo fatše har’a bona, oa tsoa ho eena, o sa ka oa mo ntša kotsi.
Bohle ba tšoaroa ke tšabo; ‘me ba ne ba buisana, ba re: Polelo eo ke e joang? O laela meea e litšila ka matla le ka borena, ‘me ea tsoa! ‘Me botumo ba hae ba tlala kahohle naheng eo.
