Vinkmag ad

La 28 Phato 2025

Sehopotso sa Augustinus ea Halalelang, Mobishopo le Moruti oa Kereke.

Beke ea 21 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (4:7-16)

“Ke Molimo ea re ratileng pele.”

Baratuoa, a re rataneng, kahobane lerato le tsoa ho Molimo. ‘Me mang le mang ea ratang o tsoetsoe ke Molimo ‘me o tseba Molimo. Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, ka ha Molimo e le lerato.

Hoo lerato la Molimo ho rona le bonahetseng ka hona, ke hona: Molimo o rometse Mora oa hae a inotši lefatšeng, re tle re be le bophelo ka eena. Seo lerato la hae le leng sona, ke sena: ha se rona re ratileng Molimo, empa ke eena ea re ratileng, ‘me ea rometseng Mora oa hae ho ba tefello ea libe tsa rona.

Ha Molimo a re ratile hakaalo, le rona re tšoanetse ho ratana. Ha ho motho ea kileng a bona Molimo le ka mohla. Ha re ratana, Molimo o lula ka ho rona, ‘me lerato la hae le phethehile ka ho rona.

Hoo re tsebang ka hona hore re lula ka ho eena, le eena ka ho rona, ke hobane o re abetse Moea oa hae. Rona re bone, re bile re paka hore Ntate o rometse Mora oa hae ho ba Mopholosi oa lefatše. Ea bolelang hore Jesu ke Mora oa Molimo, Molimo o lula ka ho eena, le eena ka ho Molimo. Rona re tsebile, ra ba ra lumela lerato leo Molimo a nang le lona ho rona. Molimo ke Lerato, ‘me ea lulang leratong o lula ka ho Molimo, le Molimo ka ho eena.

PESALEMA 118

NTHUTE THATO EA HAU, MORENA.

E mocha o tla boloka joang tsela ea hae e hloekile?

ka ho ela lipolelo tsa hau hloko.

Ke u batla ka pelo eohle ea ka,

se ntumelle ho kheloha melao ea hau.

NTHUTE THATO EA HAU, MORENA.

Ka pelong ea ka ke phuthetse pallo ea hau,

e se re ka u fosetsa.

U bokoe Morena!

Nthute thato ea hau.

NTHUTE THATO EA HAU, MORENA.

Leleme la ka le lokolisa

likahlolo tsohle tse tsoang molomong oa hau.

Ke thabela tsela ea litemoso tsa hau

ho feta maruo ‘ohle.

NTHUTE THATO EA HAU, MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23:8-12)

“Eo e leng e moholo har’a lona ke eena eo e tla ba mohlanka oa lona.”

Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le se ke la bitsoa bo-Rabbi, hobane moruti oa lona o mong feela, ‘me bohle le bana ba motho. Ho se be motho eo le ‘mitsang Ntat’a lona lefatšeng, hobane Ntat’a lona o mong feela, ke ea leng maholimong.

‘Me le se bitsoe Baruti, hobane moruti oa lona mong feela, ke Kriste. Eo e leng e moholo har’a lona ke eena eo e tla ba mohlanka oa lona. Mang le mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang otla phahamisoa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Phato 2025

Read Next

La 29 Phato 2025

Most Popular