Beke ea 21 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Thessalonika. (2:1-8)
“Re ne re lakatsa haholo ho le neha, e seng Evangeli ea Molimo feela, empa le bophelo ba rona.”
Bana beso! Le tseba hore ketelo ea rona ho lona ha ea ka ea e-ba lefeela. Le tseba hore re ne re hlahetsoe ke litlhoriso le linyefolo pele, motseng oa Filipi. Empa, ka thuso ea Molimo oa rona, ke ka sebete re ileng ra le bolella molaetsa o tsoang ho Molimo, har’a bothata bo boholo. Hobane likhothatso tsa rona ha se tse itšetlehang ka tse fosahetseng kapa tse sa hloekang, ‘me ha re leke ho le qhekella. Empa ka ha Molimo a re khethetse ho ruta Evangeli, hoba a re nonye, ka baka lena rea bua, e seng hore re khahlise batho, empa Molimo ea nonyang lipelo tsa rona.
Efela, joalokaha le tseba, le ka mohla, ha rea ka ra ba le lentsoe la qekiso, leha e le bolotsana bo patang takatso ea maruo. Molimo ke paki: ha rea ka ra batla thoriso ho batho, leha e le ho lona kapa ho ba bang, leha re ne re ka le khoka, ka ha re le baapostola ba Kriste.
Athe re ile ra iketsa joaloka bana ba banyenyane har’a lona, ra ba joaloka mosali ea baballang bana ba hae. Ka ho le rata joalo, re ne re lakatsa haholo ho le neha, e seng Evangeli ea Molimo feela, empa le bophelo ba rona, ho ea kamoo le neng le ratuoa ke rona kateng.
PESALEMA 138
MORENA U NTLHAHLOBILE ‘ME UA NTSEBA.
Morena, u ntlhahlobile ‘me ua ntseba,
u tseba leha ke lutse kapa ke eme,
u bona mehopolo ea ka u nts’u le hole.
U lekantse linako tsa ka
tsa ho tsamaea le ho phomola,
u tsebisisa litsela tsohle tsa ka.
MORENA U NTLHAHLOBILE ‘ME UA NTSEBA.
E ee e re le pele lentsoe le betseha molomong oạ ka,
u b’u s’u le tseba kaofela, Morena.
Tsebo ena e feta kutloisiso ea ka,
e tebile hoo ke sitoang ho e fihlela.
MORENA U NTLHAHLOBILE ‘ME UA NTSEBA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23:23-26)
“Le ne le tšoanetse ho etsa tsena, le sa tlohele tseno.”
Ka nako eo, Jesu a bua a re: Ho malimabe lona Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le ntša karolo ea leshome ea koena, ea anise le ea kumine; empa le tlohela tseo e leng tsona tse kholo Molaong, e leng toka, mohau le botšepehi. Le ne le tšoanetse ho etsa tsena, le sa tlohele tseno. Batsamaisi ba lifofu, le minya monoang empa le koenya kamele.
Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le hlatsoa senoelo le sejana kantle; empa kahare ho tletse lintho tseo le ipatletseng tsona ka bosholu le ka meharo. Mofarisi ea sefofu, hlatsoa bokahare ba senoelo le ba sejana pele, ho tle ho hloeke le bokantle.
