Beke ea 19 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Deuteronoma. (34:1-12)
“Moshe mohlanka oa Molimo, a shoela hona moo, ha hoa ka ha hlola ho e-ba le moprofeta ea joaloka eena.”
Matsatsing ao, Moshe a tloha Mahoatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ea Nebo, tlhorong ea Pisga e malebana le Jeriko. Morena a ‘montša naha kaofela; e leng Gileade ho isa Dane, Nefthali kaofela naha ea Efraime, le ea Manasse, naha eohle ea Juda ho isa Leoatleng le Bophirima, Negebe le tikoloho ea sekhutlo sa Jeriko motse oa lipalema, ho isa Tsoare.
Morena a re ho eena: Ke ena naha eo ke hlapanyelitseng Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka re: Ke tla e neha lesika la hau. Joale ke entse hore u e bone ka mahlo, empa u ke ke ua kena ho eona.
Moshe, mohlanka oa Molimo, a shoela hona moo, naheng ea Moabe, joalokaha Morena a ne a ‘moleletse. A patoa Sekhutlong se naheng ea Moabe, malebana le Bethe-Peore; empa ha ho motho ea kileng a tseba lebitla la hae ho fihlela letsatsi la kajeno.
Ha Moshe a e-shoa, o n’a e-na le lilemo tse lekholo le mashome a mabeli. Mahlo a hae a ne a e-s’o foufale; le matla a hae a sa le kaofela. Ka matsatsi a mashome a mararo, bana ba Isrele ba llela Moshe Mahoatateng a Moabe, ho fihlela matsatsi a lillo le a bofifi ba Moshe a ba a fela.
Joshua, mor’a Nune, o n’a tletse moea oa bohlale, hobane Moshe o n’a ‘mehile matsoho. Bana ba Israele ba mo mamela, ‘me ba etsa joalokaha Morena a n’a laetse Moshe.
Ha hoa ka ha hlola ho e-ba le moprofeta Israeleng ea joaloka Moshe, eo Morena a neng a ee a buisane le eena lifahleho li talimane.
Li ngata hakaakang liponahatso le limakatso tseo Morena a mo rometseng ho li etsa naheng ea Egepeta, ho hlola Faro le bahlanka ba hae kaofela, le ho naha eohle ea hae!
Le ne le le matla hakaakang letsoho la hae, ‘me li ne li tšabeha hakaakang tsohle tseo Moshe a neng a li etsa mahlong a ba-Israele kaofela!
PESALEMA 65
HO BOKOE MOLIMO EA RE FILENG BOPHELO
Etsetsang Molimo litlatse, lona mafatše ‘ohle,
binang le tlotlise lebitso la hae,
rokang letlotlo la hae,
e reng ho Molimo:
E hlolla hakakang mesebetsi ea hau!
HO BOKOE MOLIMO EA RE FILENG BOPHELO
Tlohong, le bohe mesebetsi ea Molimo,
ea tšabehang liketsong tsa hae ho batho.
Lona lichaba, bokang Morena Molimo oa rona,
thoriso ea hae e ke e lume kahohle.
HO BOKOE MOLIMO EA RE FILENG BOPHELO
Lona bohle ba tšabang Molimo, tlohong, le utloe;
ke tla le phetela seo a nketselitseng sona.
Ka hoeletsa ho eena ka molomo oa ka,
ka mo phafa ka leleme la ka.
HO BOKOE MOLIMO EA RE FILENG BOPHELO
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (18:15-20)
“H’a u mamela, e tla ba u pholositse ngoan’eno.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ekare ha ngoan’eno a u sitetsoe, e-ea ‘me u mo khalemele moo le leng babeli feela. H’a u mamela, e tla ba u pholositse ngoan’eno. H’a sa u mamele, u inkele paki e le ‘ngoe kapa tse peli, hore taba eohle e tle e lokisoe ka bopaki ba batho ba babeli kapa ba bararo. H’a sa ba mamele, hlahisa taba ena phuthehong. Haeba a sa mamele esita le phutheho, u mo talime joaloka mohedene kapa mokhafisi.
Kannete ke re ho lona, tsohle tseo le tla li tlama lefatšeng, li tla tlangoa le leholimnong, ‘me tsohle tseo le tla li lokolla lefatšeng, li tla lokolloa le leholimong.
Hape, ke re ho lona, haeba ba babeli ba lona mona lefatšeng, ba utloana ho kopa eng kapa eng, ba tla e nehoa ke Ntate ea maholimong. Efela moo ba babeli kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka Lebitso la ka, ke teng har’a bona.
