Vinkmag ad

La 11 Phato 2025

Sehopotso sa Clara ea Halalelang, Movirigo.

 ‘Mantaha

Beke ea 19 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Deuteronoma. (10:12-22)

“Bolotsang lipelo tsa lona; ratang molichaba, ka ha le lona le bile bona.”

Moshe a bua le sechaba, a re: Joale, Israele, Morena, Molimo ua hau, o u batla’ng, ha e se hore u tšabe Morena, Molimo ua hau, u tsamaee tseleng tsohle tsa hae, u mo rate, ‘me u sebeletse Morena, Molimo ua hau ka pelo eohle ea hau, le ka moea oohle ua hau, u boloke litaelo tsa Morena, le melao ea hae tseo ke u laelang tsona kajeno, bakeng la molemo ua hau.

Bona, maholimo, le maholimo a holimo-limo ke a Morena, Molimo ua hau, le lona lefatše le lintho tsohle tse ho lona. Empa bo-ntat’ao feela bao Morena a ileng a khahloa ke bona, ‘me a ba rata. Kamor’a bona a b’a khetha har’a lichaba tsohle, litloholo tsa bona, ke ho re lona, ho tla fihlela kajeno.

Ha ho le joalo, bolotsang lipelo tsa lona, le se hlole le ba ba hloho li thata. Hobane Morena, Molimo oa lona ke Molimo oa melimo le Morena oa marena, Molimo e moholo, ea matla, ea tšabehang, ea sa talimeng tšobotsi ea motho, ea sa rekoeng ka limpho. Ke eena ea ahlolelang khutsana le mosali oa mohlolohali, ea ratang molichaba, ‘me a mo fa lijo le liaparo.

Ratang molichaba, kaha le lona le bile balichaba naheng ea Egepeta. Tšaba Morena Molimo ua hau, u mo sebeletse, u mo khomarele, ‘me u hlapanye ka lebitso la hae. Ke eena eo u tšoanetseng ho mo rorisa, ke eena Molimo ua hau, ea u etselitseng ntho tsena tse kholo, tse tšabehang, tseo u li boneng ka mahlo.

Bo-Ntat’ao ba ile ba theohela Egepeta, e le batho ba mashome a supileng ka palo. Athe joale Morena, Molimo ua hau, o u entse bongata bo kang ba linaleli tsa leholimo.

PESALEMA 147

TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.

Tlotlisa Morena, uena Jerusalema,

rorisa Molimo ua hao, uena Sione,

o tiisitse mekoallo ea menyako ea hau,

o hlohonolofalitse bana ba hau

ba phelang ka ho uena.

TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.

O entse hore khotso e be meeling ea hau,

o u khorisa koro e khethehileng.

O romela litaelo tsa hae lefatšeng,

molaetsa oa hae o matha ka potlako.

TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.

O senoletse Jakobo lipallo tsa hae,

o nehile Israele litaelo le likahlolo tsa hae.

Ha ho sechaba se seng

seo a kileng a se etsetsa joalo,

a se senolela likahlolo tsa hae.

TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (17:21-26)

“Ba tla ‘molaea empa o tla tsoha. Bana bona ba lokolotsoeng khafeng.”

Ka nako eo, Jesu a bua le barutuoa ba hae, ba le hammoho Galiiea, a re ho bona: Mor’a motho o s’a tla neheloa liatleng tsa batho, ba tlang ho ‘molaea; empa ka letsatsi la boraro o tla tsoha. ‘Me barutuoa ba soaba haholo.

Ha ba fihla Kafarnauma, ba bokellang lekhetho la Tempele ba tla ho Peterosi, ‘me ba re ho eena: Ana moruti oa lona ha a ntše lekhetho la Tempele? A re: O’a le ntša. Ha a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: Uena u re’ng, Simone? Marena a lefatše a fumana lekhetho kapa khafa ho bo-mang na? Ho bana ba bona kapa ho melata? Peterosi a araba, a re: Ho melata.

 Jesu a re ho eena: Ha ho le joalo bana bona ba lokolotsoe lekhethong. Empa hore re tle re se ke ra ba khopisa, e-ea leoatleng ‘me u akhele selope, nyolla hlapi ea pele eo u e tšoasang, e ahlamise, ‘me ka hanong u tla fumana chelete, eo u tla e nka ho ea ntefella le ho itefella.

Vinkmag ad

Read Previous

Baphatlalatsi b’a hlahlelloa

Read Next

La 12 Phato 2025

Most Popular