Vinkmag ad

La 7 Phato 2025

Beke ea 18 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Lipalo. (20:1-13)

“Bulela sechaba matlotlo a hau, u se fe mohloli oa metsi a phelisang.”

Matsatsing ao, Phutheho eohle ea bana ba Israele ea fihla lefeelleng la Tsime. Sechaba sa lula Kadeshe, Miriama a shoella moo, a ba a epeloa teng. Eitse ha phutheho e haelloa ke metsi, ea fetohela Moshe le Aarone.

Sechaba sa qabana le Moshe, sa re: Hoja e mpe e be re ile ra timela le rona mohla bana babo rona ba timelang ka letsoho la Morena. Le tliselitse’ng phutheho ea Morena lefeelleng lena, hore re tl’o shoella teng, ‘moho le liphoofolo tsa rona? Le re ntšelitse’ng Egepeta, la re tlisa bakeng sena se tšabehang?

Ha se naha e ka lengoang ena, ha ho lifate tsa feiga mona, leha e le tsa morara, kapa tsa garnata, esita le metsi a ka nooang ha a eo mona. Moshe le Aarone ba tloha phuthehong, ba tla monyako oa Tente ea Kopano. Ba itihela fatše ka lifahleho, eaba khanya ea Morena e iponahatsa ho bona. Morena a bua le Moshe a re: Nka molamu, u phuthe batho; uena le more’no Aarone le laele lefika lena, mahlong a bohle, u etse hore lefika le kopotse metsi bakeng la bona, ‘me u tla fa phutheho ‘moho le liphoofolo metsi.

Moshe a nka molamu o neng o le kapele ho Morena, joaloka ha a n’a tsoa laeloa. Eaba Moshe le Aarone ba bitsetsa phutheho pel’a lefika, ‘me Moshe a re ho eona: Mamelang he, lona bahanyetsi. Na re ka etsa hore metsi a kopotse lefikeng lena? Joale Moshe a phahamisa letsoho a otla lefika habeli ka molamu. Metsi a kopotsa ka bongata, phutheho ea noa, ‘moho le liphoofolo.

Morena a re ho Moshe le ho Aarone: Kahobane ha lea ka la ntumela, ‘me le sitiloe ho bontša khalalelo ea ka mahlong a bana ba Israele, le ke ke la finyeletsa phutheho ena naheng eo ke tla e neha eona. Ke ‘ona ana metsi a Meriba, moo bana ba Israele ba ileng ba tsekisana le Morena teng, le moo Morena a ileng a ba bontša khalalelo ea hae.

PESALEMA 94

HOJA LE KA MAMELA LENTSOE LA HAE KAJENO! LE SE KE LA ITHATAFATSA LIPELO.

Tlohong, re hoeletseng ho Morena ka thabo,

re etsetseng

eo e leng lefika le re pholosang litlatse!

A re eeng ho eena ka lithoko,

ka lifela le ka litlatse!

HOJA LE KA MAMELA LENTSOE LA HAE KAJENO! LE SE KE LA ITHATAFATSA LIPELO.

Tlhoong, re inameng, re itiheleng fatše,

re khumameleng Morena ea re entseng.

Ke eena Molimo oa rona,

rona re sechaba se boliseng ba hae,

mohlape o matsohong a hae.

HOJA LE KA MAMELA LENTSOE LA HAE KAJENO! LE SE KE LA ITHATAFATSA LIPELO.

Hoja le ka mamela lentsoe la hae kajeno!

Le se ke la ithatafatsa lipelo

joalokaha le le Meriba,

joaloka mohla le leng Massa feelleng,

moo bo-ntat’a lona ba ileng ba nteka,

ba ‘nonya leha ba bone mesebetsi ea ka.

HOJA LE KA MAMELA LENTSOE LA HAE KAJENO! LE SE KE LA ITHATAFATSA LIPELO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (16:13-23)

“U Peterosi, ke tla u neha linotlolo tsa ‘muso oa maholimo.”

Ka nako eo, eitse ha Jesu a fihlile naheng ea Kaisaria-Filipi, a botsa barutuoa ba hae, a re: Ana batho ba re Mor’a motho ke mang? Ba mo araba, ba re: Ba bang ba re u Joannes Mohlatsoi, ba bang Elia, ba bang Jeremia kapa e mong oa baprofeta. Jesu a re ho bona : Empa lona le re ke mang na?

Simone Peterosi a araba, a re: U Kriste, Mora oa Molimo ea phelang. Jesu a fetola a re ho eena: U lehlohonolo, Simone, mor’a Jona, hobane ha se motho oa nama le mali ea u senoletseng hona, empa ke Ntate ea maholimong. ‘Me ‘na ke re ho uena: U Peterosi ‘me holim’a letlapa lena ke tla aha Kereke ea ka, ‘me likhoro tsa lihele li ke ke tsa e hlola. Ke tla be ke u nehe linotlolo tsa ‘muso oa maholimo; hohle hoo u tla ho tlama lefatšeng ho tla tlangoa le maholimong, ‘me hohle hoo u tla ho lokolla lefatšeng ho tla lokolloa le maholimong. Joale a laela barutuoa ba hae hore ba se bolelle motho hoba ke eena Kriste.

Ho tloha moo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuoa ba hae hore e ka khona a ee Jerusalema, ‘me a utloisoe mahloko a mangata ke baholo, baprista ba baholo le bangoli a be a bolaoe, ‘me a tsohe ka letsatsi la boraro.

Eaba Peterosi o mo nkela thoko, a qala ho mo khalemela a re: Molimo a u thuse, Morena! U se ke ua hlaheloa ke ntho e joalo! Empa Jesu a reteleha, a re ho Peterosi: Tloha pel’a ka, Satane, ua ntšitisa: hobane ha u hopole tsa Molimo, empa u hopola tsa batho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Phato 2025

Read Next

La 8 Phato 2025

Most Popular