Beke ea 18 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Lipalo. (12:1-13)
“Ho Moshe ha ho joaloka ho moprofeta. Ho tlile ka’ng hore le se ke la tšaba ho bua hampe ka eena?”
Matsatsing ao, Miriama le Aarone ba bua Moshe hampe ka baka la mosali oa mo-Kushe, eo a neng a mo nyetse; ka ha a n’a hlile a nyetse mosali oa mo-Kushe. Ba re: Na e ka ba Morena o buile ka Moshe feela? E seng o buile le ka rona? Morena a ba utloa.
Ha e le Moshe eena e ne e le motho ea ikokobetsang haholo, ea ikokobetsang ho feta mang kapa mang lefatšeng. Hang-hang Morena a re ho Moshe le Aarone le Miriama: Lona ba bararo, tsamaeang, le ee Tenteng ea Kopano. Boraro ba bona ba tloha, ba ea teng.
Morena a theoha a le topallong ea leru, a ema monyako oa Tente ea Kopano. A bitsa Aarone le Miriama, ‘me bobeli ba bona ba atamela. A re:
Mamelang hantle mantsoe a ka! Ha ho e-na le moprofeta har’a lona, ‘na, Morena, ke ee ke iponahatse ho eena ponong, ke bue le eena torong. Empa ho mohlanka oa ka Moshe ha ho joalo: ka tlung ea ka kaofela ke eena ea tšepahalang ho feta. Ke bua le eena lifahleho li talimane, ka mokhoa o totobetseng, e seng ka lilotho, ‘me o bona sebopeho sa Morena. Ha ho le joalo, ho tlile ka’ng hore le se ke la tšaba ho bua hampe ka mohlanka oa ka Moshe?
Morena a tlokoma ke khalefo ka baka la bona, a ba a ikela. Ha leru le tloha Tenteng, hang-hang Miriama ke eo, e se e le molepera, a le mosooana joaloka lehloa. Aarone h’a retelehela ho Miriama, a bona hore e se e le molepera.
Eaba Aarone o re ho Moshe: Oho, Mong’a ka, kea u rapela u se ke ua re beha molato ka baka la sebe se re se entseng ka bothoto. Miriama a se ke a mp’a ba joaloka lesea le hlahang le shoele, leo, ha le e-tsoa popelong ea ‘m’a lona, ‘mele oa lona o seng o batla o bolile. Ke ha Moshe a hoeletsa ho Morena, a re: Oho Molimo, kea u rapela, mo folise hle!
PESALEMA 50
U RE HAUHELE MORENA HOBANE RE U SITETSOE.
Nkhauhele, oho Molimo, ka lerato la hau;
ka baka la boholo ba mehauhelo ea hau
u hlakole melato ea ka.
Ntlhatsoe, u ntlhatsoisise phoso ea ka,
u ntlhoekise sebe sa ka.
U RE HAUHELE MORENA HOBANE RE U SITETSOE.
Hobane ke ipona molato,
‘me sebe sa ka ke sitoa ho se lebala.
Ke entse sebe, ke sitetsoe uena u inotši,
ke entse ho leng hobe mahlong a hau.
U RE HAUHELE MORENA HOBANE RE U SITETSOE.
Ka tsela ena ua nepa ha u ahlola,
‘me u na le toka ha u liha nyeoe.
Etsoe ke belehiloe ke sa loka,
‘m’e a nkemola ke le moetsalibe.
U RE HAUHELE MORENA HOBANE RE U SITETSOE.
Mpopele pelo e hloekileng, oho Molimo,
nchafatsa ka ho ‘na moea oa tiileng.
U se ntahlele hole le sefahleho sa hau,
u se nkamohe Moea o Halalelang ua hau.
U RE HAUHELE MORENA HOBANE RE U SITETSOE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (14:22-36)
“Laela hore ke tle ho uena holim’a metsi.”
Hoba batho bohle ba jele ‘me ba khotše, Jesu a phakisa a laela barutuoa ba hae ho kena sekepaneng le ho mo etella pele ho ea mose, ha eena a ntse a qhala matšoele. Eare hoba a a qhale, a nyolohela thabeng a inotši ho ea rapela. Shoalane ha e tšoara, o ne a ntse a le moo a le mong. Ha e le sekepana se ne se se se le hole le lebopo, se tsukutloa ke maqhubu, hobane moea o ne o tobane le sona.
Eare phalimehong ea bona ea bosiu, Jesu a tla ho bona a tsamaea holim’a leoatle. Ha barutuoa ba hae ba ‘mona a tsamaea holim’a leoatle, ba ferekana, ba re: Ke sethotsela, ‘me ba hoeletsa ba tšohile.
Jesu a ba a phakisa a bua le bona, a re: Khobang matšoafo, ke ‘na; se tšoheng! Peterosi a mo fetola, a re: Morena, ha eba ke uena, laela hore ke tle ho uena holim’a metsi! Jesu a re: Tloho.
Eaba Peterosi o tsoa sekepaneng, a tsamaea holim’a metsi, a tla ho Jesu. Empa ha a utloa hore moea o boima, a tšoha: ‘me ha a qala ho teba, a hooa, a re: Morena, mpholose! Jesu a phakisa a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho eena: Motho ea tumelo e fokolang, u belaetse ke’ng?
Hoba ba hloelle sekepaneng, moea oa teba. Eaba ba neng ba le ka sekepaneng ba mo khumamela, ba re: kannete u Mor’a Molimo.
Hoba ba tšele, ba fihla lebopong, Gennesaretha. Ha batho ba sebaka seo ba se ba tsebile Jesu, ba tsebisa ka hohle tikolohong eo. Eaba ho tlisoa ho eena bohle ba kulang. Ba ne ba mo rapela hore ba mpe ba ame qola ea kobo ea hae: ‘me bohle ba ileng ba e ama ba fela ba fola.
