Vinkmag ad

La 26 Phupu 2025

Sehopotso sa Joakim le Anna ba Halalelang, Batsoali ba Maria Movirigo.

Moqebelo

Ho baloa Bukeng ea Siraka. (44:1.10-15)

“Lebitso la bona le tla hopoloa ka meloko le meloko.”

A re roriseng banna ba tumileng, bo-ntat’a rona, ka ho ea ka meloko ea bona, batho ba mohau, bao liketso tse lokileng tsa bona li sa kang tsa lebaloa.

Litloholo tsa bona li sala e le lefa la bohlokoa leo ba le siileng. Litloholo tsa bona li tiiselitse selekaneng, le bana ba tsona, ka baka la bona.

Litloholo tsa bona li tla ba teng kamehla, letlotlo la bona le ke ke la nyamela. Litopo tsa bona li epetsoe ka khotso, empa lebitso la bona le tla hopoloa ka meloko le meloko. Merabe e tla lokolisa bohlale ba bona, le phutheho e bolele lithoko tsa bona.

Pesalema 131

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTAT’AE.

Morena o hlapanyelitse Davida ka kano,

eo a ke keng a e koenehela.

O itse: “Tholoana e tsoang thekeng la hau,

ke eona eo ke tla e hlomamisa teroneng ea hau.”

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTAT’AE.

Efela Morena o ikhethetse Sione,

o lakalitse ho aha teng.

A re: Ena ke qalo ea ka ea phomolo kamehla eohle,

ke tla phela teng, hobane ke lakatsa joalo.

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTAT’AE.

Ke tla ekeletsa Davida matla hona teng,

ke hoteletse motlotsuoa oa ka lebone.

Lira tsa hae ke tla li tlontlolla,

athe hlohong ea hae ho tla khanya tlokola.

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTAT’AE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:16-17)

“Baprofeta le bahalaleli ba bangata ba ile ba lakatsa ho bona seo le se bonang.”

Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: ho lehlohonolo mahlo a lona, hobane aa bona; le litsebe tsa lona, hobane li’a utloa! Efela ruri, kea le bolella, baprofeta le bahalaleli ba bangata ba ile ba lakatsa ho bona seo le se bonang, empa ha ba ka ba se bona, le ho utloa seo le se utloang, empa ha ba ka ba se utloa.

Vinkmag ad

Read Previous

Ba merafo ba fuoa litsiane

Read Next

Ba phela khanyeng

Most Popular