Labone
Beke ea 16 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Exoda. (19:1-2.9-11.16-20)
“Morena o tla theohela thabeng ea Sinai mahlong a sechaba kaofela.”
Ka khoeli ea boraro kamor’a ho tsoa ha bana ba Israele naheng ea Egepeta, tsatsing lona leo, ba fihla felleng la Sinai. Eitse hoba ba tlohe Refidime, ba fihla lefeelleng la Sinai, ba hloma litente lefelleng. Israele a hloma litente haufi le thaba.
Morena a re ho Moshe: Ke tla tla ho uena ke le lerung le teteaneng, hore sechaba se tle se utloe ha ke bua le uena, se be se lumele le ho uena kamehla. Moshe a tsebisa Morena karabo ea sechaba.
Eaba Morena o re ho Moshe: E-ea ho sechaba, u se laele ho itokisa kajeno le hosasane: ba hlatsoe liaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Morena o tla theohela thabeng ea Sinai mahlong a sechaba kaofela.
Ka tsatsi la boraro hoseng ha e-ba le lialuma le mahalima, ‘me leru le teteaneng la e-ba holim’a thaba, ‘me ha utloahala molumo o moholo oa terompeta. Sechaba kaofela se neng se le liahelong sa thothomela.
Eaba Moshe o ntša sechaba liahelong ho tla khahlanyetsa Molimo. ‘Me sa ema maotong a thaba. Thaba ea Sinai e ne e kubella mosi kahohle, hobane Morena o n’a theohetse ho eona a le har’a mollo. Mosi oa eona o n’o foqoha joaloka mosi oa sebopi, ‘me thaba kaofela ea reketla ka matla.
Eitse ha molumo oa terompeta o nts’o eketseha ho feta, Moshe a bua, ‘me Molimo a mo arabela ka ho utloahatsa lentsoe la hae. Morena a theohela thabeng ea Sinai, tlhorong ea eona. Morena a bitsetsa Moshe tlhorong ea thaba.
PESALEMA (52-56. R. 52)
U RORISOE ‘ME U PHAFSHOE KA BOSAFELENG.
U bokoe, Morena, Molimo oa bo-ntat’a rona,
u rorisoe ‘me u phafshoe ka bosafeleng.
Ho bokoe lebitso la hau le tlotlisehang
‘me le halalelang,
le rorisoe haholo ‘me le phafshoe ka bosafeleng.
U RORISOE ‘ME U PHAFSHOE KA BOSAFELENG.
U bokoe Tempeleng ea letlotlo le halalelang la hau
u rorisoe haholo ‘me u phafshoe ka bosafeleng.
U bokoe u le teroneng ea ‘muso ua hau,
u rorisoe ‘me u phafshoe ka bosafeleng.
U RORISOE ‘ME U PHAFSHOE KA BOSAFELENG.
U bokoe, uena ea talimang maliba,
ea lutseng holim’a likerubime,
u rorisoe ‘me u tlotlisoe ka bosafeleng.
U bokoe, Morena, leholimong le tiileng la hau,
u rorisoe ‘me u tlotlisoe ka bosafeleng.
U RORISOE ‘ME U PHAFSHOE KA BOSAFELENG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:10-17)
“Lona, le nehiloe ho tseba linnete tse patehileng tsa ‘Muso oa maholimo, athe bona ha ba ho nehoa.”
Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu, ba re: Ke ka baka la’ng u buang ka lipapiso? A ba araba, a re: Ke ka hobane lona le nehiloe ho tseba linnete tse patehileng tsa ‘Muso oa maholimo, athe bona ha ba ho nehoa. Hobane ea nang le letho o tla ekeletsoa, a tlatsetsoe thajana; athe ea se nang letho o tla amohuoa esitana le seo a nang le sona.
Lebaka leo ke buang le bona ka lipapiso, ke hobane e ee ere ba ntse ba bona e ke ha ba bone, ‘me ere ba ntse ba utloa e ke ha ba utloe leha e le ho utloisisa. Ke moo ho phethahalang ho bona boprofeta ba Isaia bo reng: Ho utloa le tla utloa, empa le ke ke la utloisisa; ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona. Efela pelo ea sechaba sena e thotofetse, litsebe tsa batho bana li botsoa ho utloeng ‘me ba itutubalitse mahlo, esere mohlomong mahlo a bona a bona, litsebe tsa bona tsa utloa, lipelo tsa bona tsa utloisisa, ba sokoloha, eaba kea ba folisa.
Athe ho lehlohonolo mahlo a lona hobane a bona, le litsebe tsa lona, hobane lia utloa! Efela ruri kea le bolella, baprofeta le bahalaleli ba bangata ba ile ba lakatsa ho bona seo le se bonang, empa ha ba ka ba se bona, le ho utloa seo le se utloang, empa ha ba ka ba se utloa.
