Vinkmag ad

La 22 Phupu 2025

MOKETE OA MARIA MAGDALENA

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Sefela sa Lifela (3:1-4)

“Ka fumana moratuoa oa pelo ea ka.”

Monyali o re: Masiu ‘ohle, ha ke le liphateng ke ile ka batla moratuoa oa pelo ea ka; ka ‘matla, empa ka mo hloka. Ke tla tsoha, ke ee le motse, litseleng le mapatlelong, ke batle moratuoa oa pelo ea ka. Ka ‘matla, empa ka mo hloka.

Ka khahlana le balebeli, ba potolohang motse, ka re: “Na ekaba ha lea bona moratuoa oa pelo ea ka?” Hang hoba ke ba fete, ka fumana moratuoa oa pelo ea ka.

Pesalema 62

MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA.

Molimo, ke uena Molimo oa ka, ke u hlolohetsoe,

moea oa ka o nyoretsoe uena;

‘mele oa ka o laba-labela uena,

joaloka lefatše le omeletseng,

le se nang letho, le hlokang metsi.

MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA

Ruri ke rata ho u bona Sehalalelong,

hore ke tle ke bohe matla a hau le letlotlo la hau.

Ka hobane mohau ua hau o molemo ho feta bophelo;

molomo oa ka o tla u tlotlisa.

MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA

Ruri ke tla u boka bophelong ba ka bohle,

ke tla phahamisa matsoho a ka ho u rapela.

Moea oa ka o tla khora

joaloka ea jeleng ‘moko le mafura,

molomo oa ka o tla u roka

ka lentsoe le nyakaletseng.

MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA

Hobane u bile mnothusi oa ka;

ke ithabela moriting oa mapheo a hau.

Moea oa ka o u khorametse,

‘me letsoho la hau lea ntšehetsa.

MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (20:1-2.11-18)

“Mosali, u llela’ng? U batla mang?”

Tsatsing le qalang beke, Maria Magdalena a ea lebitleng e sa le ka meso, ho sa le mara. A bona hore lejoe le tlositsoe lebitleng. Eaba o mathela ho Simone Peterosi le ho morutuoa e mong ea ratoang ke Jesu, ‘me a re ho bona: Ba tlositse Morena lebitleng, ‘me ha re tsebe moo ba ‘mehileng teng.

Ha e le Maria Magdalena o n’a eme pel’a lebitla a nts’a lla. Ha a nts’a lla joalo, a inama a nyarela ka lebitleng. A bona manyeloi a mabeli a apereng liaparo tse tšoeu, a lutse moo setopo sa Jesu se neng se behiloe teng, le leng hlohong, le leng maotong. A re ho eena: Mosali, u llela’ng? A re ho ona: Ba tlositse Morena oa ka, ‘me ha ke tsebe moo ba ‘mehileng teng.

Eare a sa rialo, a reteleha ‘me a bona Jesu a eme moo, empa a sa tsebe hore ke eena. Jesu a re ho eena: Mosali u llela’ng? U batla mang? Eena, ka ho hopola hore ke molemi oa serapa, a re ho eena: Monghali, ha eba ke uena ea mo nkileng, mpolelle moo u ‘meileng teng, ‘me ke tla mo lata.

Jesu a re ho eena: Maria! Eena a reteleha, a re ho eena: Rabboni! Ke hore: Moruti! Jesu a re ho eena: U se ke ua nthetsa, hobane ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate; empa u ee ho bana beso u re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, eo e leng Ntat’a lona, ho Molimo oa ka eo e leng Molimo oa lona.

Maria Magdalena a ea bolella barutuoa a re: Ke bone Morena ‘me o mpoleletse tsena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 21 Phupu 2025

Read Next

La 23 Phupu 2025

Most Popular