Vinkmag ad

La 14 Phupu 2025

‘Mantaha

Beke ea 15 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (1:8-14.22)

“Ha re etseng ka bohlale hore sechaba sa Israele se se ke sa ngatafala.”

Matsatsing ao, ha hlaha morena e mocha Egepeta, ea neng a sa tsebe letho ka tsa Josefa. A re ho sechaba sa hae: Bonang kamoo sechaba sa bana ba Israele se leng sengata le matla kateng, esitana le ho re feta. Tlohong, re etseng ka bohlale, hore se tle se se ke sa ngatafala, ho feta mona, esere ha ntoa e ka qhoma, sa tšoha se tlatsana le lira tsa rona ho re loantša, sa ba sa tloha naheng ena.

Eaba ho behoa batsamaisi ba mesebetsi holim’a sechaba sena, ho se pitla ka mesebetsi e boima. Ba ahela Faro metse e nang le meliko, e leng Pithome le Ramsese. Empa ha ba hatelloa haholo, ea e-ba moo ba atang ‘me ba ngatafalang haholo le ho feta, hoo bana ba Israele ba bileng ba nyarosa bohle.

Ba-Egepeta ba tlama bana ba Israele ka mesebetsi e thata. Ba ba sulafaletsa bophelo ka mosebetsi o boima oa seretse le oa setene, le ka mesebetsi ea mefuta-futa masimong; e leng mesebetsi eohle eo ba neng ba ba jarisa eona ka thata.

Khabareng Faro a laela sechaba sa hae kaofela, a re: Bashanyana bohle ba tsoalloang Ba-Heberu, le ba lahlele nokeng, athe banana bona le ba tlohele ba phele.

PESALEMA 123

 THUSO EA RONA E LEBITSONG LA MORENA.

Hoja Morena a sa ka a ema le rona,

Israele a ke a rialo,

ba ka be ba re koentse tala,

ha khalefo ea bona e re tloketse,

THUSO EA RONA E LEBITSONG LA MORENA.

Liphororo li ka be li re hohotse,

re ka be re khanngoe ke metsi a likhohola.

Ho rorisoe Morena,

ea sa kang a re lesa menong a bona joaloka sefifi.

THUSO EA RONA E LEBITSONG LA MORENA.

Re phonyohile joaloka nonyana lerabeng la sechehi;

leraba la khaoha, ra phonyoha.

Thuso ea rona e lebitsong, la Morena,

ea entseng leholimo le lefatše.

THUSO EA RONA E LEBITSONG LA MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (10:34-11:1)

“Ha kea tlisa khotso empa sabole.”

Ka nako eo, Jesu a re ho baapostola ba hae: Se nahaneng hore ke tlisitse khotso lefatšeng; ha kea tlisa khotso, empa sabole. Efela ke tlile ho fapanya motho le ntat’ae, morali le ‘m’ae, ngoetsi le matsal’a eona; ‘me lira tsa motho e tla ba ba lelapa labo.

Ea ratang ntat’ae le ‘m’ae ho mpheta h’a ntšoanele; ea ratang mora kapa morali ho mpheta h’a ntšoanele. Ea sa nkeng sefapano sa hae, a ntšala morao, h’a ntšoanele. Ea fumaneng bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela; athe ea lahlehetsoeng ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo fumana.

 Ea le amohelang oa nkamohela; ‘me ea nkamohelang o amohela ea nthomileng. Ea amohelang moprofeta ka hore ke moprofeta o tla fumana moputso oa moprofeta; ‘me ea amohelang ea lokileng ka hore ke ea lokileng o tla fumana moputso oa ea lokileng. Mang le mang ea tla fa e mong oa ba banyenyane bana mohope feela oa metsi a batang, ka hore ke morutuoa, ruri kea le bolella, a ke ke a hloka moputso oa hae.

Ha etsahala hore ha Jesu a qetile ho laela barutuoa ba leshome le metso e ‘meli, a tlohe moo ho ea ruta le ho khothatsa metseng e ka mathoko.

Vinkmag ad

Read Previous

‘Mamohau e ntša setlabolane

Read Next

La 15 Phupu 2025

Most Popular