Sehopotso sa Benedict ea Halalelang
Ho baloa Bukeng ea Genese. (46:1-7.28-30)
Beke ea 14 har’a selemo
Labohlano
“Nka ichoella joale, ha e le mona ke bone sefahleho sa Hau.”
Matsatsing ao, Israele a tloha le tsohle tsa hae, ‘me a fihla Beersheba, moo a ileng a etsetsa Molimo oa ntat’ae Isaaka mahlabelo. Molimo a bua le Israele ponong ea bosiu, a re: Jakobo! Jakobo! A re: Ke ‘na enoa. Molimo a re: Ke ‘na Molimo, Molimo oa ntat’ao. U se ke ua tšaba ho theohela Egepeta, hobane teng ke tla u etsa sechaba se seholo. ‘Na ke tla theohela Egepeta le uena; hape ke ‘na ea tla u khutlisa moo. Ke Josefa ea tla u koala mahlo a hau.
Eaba Jakobo o tloha Beersheba. Bara ba Israele ba palamisa Jakobo, ntat’a bona, ‘moho le bana ba banyenyane le basali ba bona, likoloi tseo Faro a li rometseng ho ba lata. Ba tsamaea ka mehlape ea bona le ka lintho tsohle tseo ba neng ba li ruile naheng ea Kanaana, ba tla Egepeta: E le Jakobo le lesika la hae kaofela: bara ba hae le bara ba bara ba hae, barali ba hae le barali ba bara ba hae, ba lesika la hae lohle a ba tlisa Egepeta.
Israele a romela Juda pele, a e’o tsebisa Josefa, hore a mo khahlanyetse Goshene. Ba fihla naheng ea Goshene. Josefa a pana lipere kariking ea hae, a ea khahlanyetsa ntat’ae Israele Goshene. Eitse ha a fihla ho eena, a mo kopa ka molala, a lla hatelele a nts’a mo kopile. Israele a re ho Josefa: Nka ichoella joale, ha e le mona ke bone sefahleho sa hau le hore u nts’u phela.
PESALEMA 36
PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.
Tšepa Morena, ‘me u etse tse ntle,
aha lefatšeng, ‘me u iphelele ka khotso.
Ithabele ka Morena,
‘me o tla araba likopo tsa pelo ea hau.
PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.
Morena o tseba litšiu tsa ba se nang molato,
lefa la bona ha le na ho fela;
ba ke ke ba tsieleha nakong ea tlokotsi,
ebile ba tla khora matsatsing a tlala.
PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.
Sesefa bobe, u etse botle,
‘me u tla ba le lehae ka mehla;
hobane Morena o rata toka
a ke ke a lahla metsoalle ea hae:
PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.
Pholoho ea ba lokileng e tsoa ho Morena:
ke eena setšabelo sa bona ka nako ea matšoenyeho.
Morena oa ba thusa ‘me oa ba lopolla,
oa ba pholosa ha ba tšabela ho eena.
PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (10:16-23)
“E ke ke ea e-ba lona ba buang, empa e tla ba Moea oa Ntat’a lona.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Bonang, ke le roma joaloka linku har’a liphiri. Ka baka leo, le be masene joaloka linoha, le hloke mano joaloka maebana-khoroana. Hlokomelang batho; hobane ba tla le nehela makhotleng, ba le shape matlung a thapelo a bona; ‘me le tla isoa ka pele ho babusi le marena ka baka la ka, le tle le be lipaki pel’a bona le pel’a balichaba. Empa, etlare ha ba le nehela ho bona, le se ke la ikhathatsa hore na le tla bua joang kapa le tla re’ng; hobane seo le tla se bua, le tla se nehoa ka eona nako eo, etsoe e ke ke ea e-ba lona ba buang, empa e tla ba Moea oa Ntat’a lona o buang ka ho lona. Motho o tla nehela ngoan’abo lefung, le ntat’a ngoana oa hae; bana ba tla tsohela batsoali matla, ba ba ise lefung. Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa le tla tiisetsa ho isa qetellong, ke eena ea tla pholosoa.
Ha ba le hlorisa motseng ona, balehelang ho o mong. Ruri kea le bolella, le ke ke la qeta metse eohle ea Israele, Mor’a motho a e-s’o tle.
