‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Genese. (28,10-22)
Beke ea 14 har’a selemo
“A bona leri e emisitsoeng ‘me manyeloi a Molimo a nyoloha, a bile a theoha ka eona. A bona le Molimo.”
Matsatsing ao, Jakobo a tloha Beersheba, a leba Harane. A tšoha a fihla qalong e ‘ngoe; a robaletsa teng, hobane letsatsi le ne se le liketse. A nka lejoe le neng le le moo; a le sama, a robala qalong eo. A lora a bona leri e emisitsoe fatše, ntlha ea eona e fihla leholimong; a bona le manyeloi a Molimo a nyoloha, a bile a theoha ka eona. A bona le Morena a eme pel’a hae, a re:
Ke ‘na Morena, Molimo oa Abrahama ntat’ao le Molimo oa Isaaka. Naha eo u robetseng ho eona, ke tla e neha uena le lesika la hau. Litloholo tsa hau li tla ba kaalo ka lerole la lefatše; u tla namela Bophirimela le Bochabela le Leboea le Boroa, ‘me merabe eohle ea lefatše e tla hlohonolofala ka uena le ka lesika la hau.
‘Na ke na le uena, ke tla u baballa hohle moo u eang teng, ke be ke u khutlisetse naheng ena; hobane nke ke ka u lahla ho fihlela ha ke phethile seo ke u baletseng sona.
Jakobo a phaphama borokong ba hae, a re: Kanthe Morena o teng qalong ee! Ke ne ke sa tsebe! A tšoha, a re: Qalo ee e tšabeha hakakang! Mona hạ ho ho hong ha e se Ntlo ea Molimo le monyako oa leholimo!
Jakobo a tsoha e sa le ka meso, a nka lejoe leo a neng a le samme, a le emisa hore e be sefika, ‘me a tšela oli holim’a lona. A reha qalo eo lebitso la Bethele, ha pele lebitso la motse ona e ne e le Luze.
Jakobo a ikana, a re: Haeba Molimo a ka ba le ‘na, a mpaballa leetong lena leo ke le nkileng; ha eba a ka mpha bohobe ke je, le liaparo tseo ke li hlokang, hofihlela ke khutlela ka khotso tlung ea ntate, Morena e tla ba Molimo oa ka, ‘me lejoe lena leo ke le emisitseng hore ebe sefika, e tla ba ntlo ea Molimo. Hape ke tla u ntšetsa karolo ea leshome ea tsohle tseo u tla mpha tsona.
PESALEMA 90
MOLIMO OA KA, KE U TŠEPILE.
Uena ea phelang tšireletsong ea Ea holimo-limo,
ea lulang moriting oa Ea matla-‘ohle,
e re ho Morena: U setšabelo sa ka,
u qhobosheane ea ka,
u Molimo oa ka eo ke mo tšepileng.
MOLIMO OA KA, KE U TŠEPILE.
Hobane ke eena ea u tšoasollang lerabeng la sechehi,
le koluoeng e timetsang.
O tla u koahela ka masiba a hae,
‘me u tla tšabela tlas’a mapheo a hae;
ho tšepahala ha hae ke thebe le tšireletso ea hau.
MOLIMO OA KA, KE U TŠEPILE.
Ere ka ha a nthatile ke tla mo namolela,
ke mo sireletse hobane a tsebile lebitso la ka.
Ha a hoeletsa ho ‘na, ke tla mo araba;
ke tla ema le eena bothateng,
ke mo pholose, ke mo tlotlise.
MOLIMO OA KA, KE U TŠEPILE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (9:18-26)
“Morali oa ka o qeta ho hlokahala, leha ho le joalo, tloho, ‘me o tla phela.”
Ka nako eo, ha Jesu a nts’a bua, ha be ho e-tla morenana e mong, a mo khumamela, a re: Morali oa ka o qeta ho hlokahala; leha ho le joalo, tloho, u ‘mehe letsoho, ‘me o tla phela. Jesu a ema, a mo sala morao le barutuoa ba hae.
Eaba mosali e mong, eo e neng e se e le lilemo tse leshome le metso e ‘meli, a tšoenngoa ke phallo ea mali, o tlil’o pota kamorao ho Jesu, o ama qola ea kobo ea hae; hobane o ne a re ka pelong: Ha nka mpa ka ama kobo ea hae, ke tla fola. Jesu a reteleha, ‘me ha a ‘mona, a re: U khothahale, morali, tumelo ea hau e u pholositse. Mosali eo a fola ho tloha motsotsong oona oo.
Ha Jesu a fihla ha morenana, ‘me a bona baletsi ba makolilo le letšoele le tlatsang lerata, a re: Suthang, hobane ngoanana ha a shoa, o mpa a robetse. Bohle ba mo tlepa litšeho. Eare ha letšoele le ntšelitsoe kantle, Jesu a kena, a tšoara ngoanana ka letsoho, ‘me eena a ema. Botumo ba taba eo ba anela naha eo kaofela.
