Vinkmag ad

La 4 Phupu 2025

Labohlano

Beke ea 14 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Genese. (23:1-4.19;24:1-8.62-67)

“Isaaka a rata Rebeka, ‘me a tšeliseha lefung la ‘m’ae.”

 Litšiu tsa Sara ea e-ba lilemo tse lekholo le mashone a mabeli a metso e supileng; tsena ke tsona lilemo tsa ho phela ha Sara. Sara a shoela Kiriat-Arba, e leng Hebrone, naheng ea Kanaana. Abrahama a tla bohlokong ba Sara le ho mo llela. Abrahama a tloha pel’a mofu oa hae, a bua le bara ba Hethe, a re: Ke molichaba le mojaki har’a lona; mpheng setša sa mabitla ha lona, ke tle ke tlose mofu oa ka, ke mo pate teng.

Kamor’a tsena, Abrahama a pata Sara, mosali oa hae, lehaheng la tšimo ea Makpela, malebana le Mamre, e leng Hebrone, naheng ea Kanaana. Abrahama o n’a tsofetse, a iketse lilemong ‘me Morena o n’a mo hlohonolofalitse linthong tsohle. Abrahama a re ho mohlanka oa hae e moholo tlung ea hae, ea neng a laola tsohle tseo a nang le tsona:

Ak’u behe seatla sa hao tlas’a serope sa ka, ke tle ke u hlapantše ka Morena, Molimo oa leholimo le Molimo oa lefatše, hore u ke ke ua nkela mor’a ka mosali ho barali ba ba-Kanaana, bao ke ahileng har’a bona u mpe u ee fatšeng la heso, le ho ba heso, u nkele mor’a ka Isaaka mosali teng.

Mohlanka a re ho eena: Mohlomong mosali a ke ke a lumela ho ntšala morao, ho tla naheng ena. Ha ho ka ba joalo na ke tla boela ke khutlisetsa mor’a hau naheng eo u tsoileng ho eona?

Abrahama a re ho eena: Hlokomela u se khutlisetse mor’a ka moo. Morena, Molimo oa maholimo, ea ntlositseng tlung ea ntate le lefatšeng la heso, ea buileng le ‘na o ile a ntlhapanyetsa, a re: Lesika la hau ke tla le neha naha ena. Ke eena ea tlang ho roma lenyeloi la hae ka pele ho uena, ‘me u tla nkela mora oa ka mosali hona teng. Empa ha eba mosali a sa rate ho u sala morao, e tla ba u lokolohile kanong eo u nketselitseng eona.

Feela mora oa ka eena u se ke ua mo khutlisetsa koana. Kamorao ho nako e telele Isaaka o n’a sa tsoa tloha selibeng sa Lakai-roi, a ahile naheng ea Boroa. Mantsiboea a le leng, ha Isaaka a tsoile a nts’a itsamaela naheng, a phahamisa mahlo, a tšoha a bona likamele li e-tla. Rebeka le eena, ha a phahamisa mahlo, a bona Isaaka, a tlola kamele, ‘me a re ho mohlanka: Monna eloa ea ntseng a tsamaea mane a tla a re lebile, ke mang? Mohlanka a re: Ke mong’a ka.

Eaba Rebeka oa ikhurumetsa ka lesira. Mohlanka a phetela Isaaka tsohle tseo a li entseng. Joale Isaaka a isa Rebeka ka tenteng ea Sara ‘m’ae, a mo nka hore be mosali oa hae; a mo rata; ‘me Isaaka a tšeliseha bakeng sa ‘m’ae.

PESALEMA 105

BOKANG MORENA, HOBANE O MOLEMO.

Bokang Morena, hobane o molemo,

mohau oa hae ke o sa feleng.

Ke mang ea ka bolelang liketso tse matla tsa Morena,

ke mang ea ka tumisang thoriso ea hae ka ho tlala?

BOKANG MORENA, HOBANE O MOLEMO.

Ho lehlohonolo ba phethang tse tšoanelang,

ba etsang tse lokileng ka nako tsohle.

U re hopole, Morena,

ha u bontša lerato la hau ho sechaba sa hau.

BOKANG MORENA, HOBANE O MOLEMO.

U re etele ka pholoho ea hau,

re tle re bone lehlohonolo la bakhethuoa ba hau,

re be le kabelo thabong ea sechaba sa hau,

re ithorise ‘moho le ba lefa la hau.

BOKANG MORENA, HOBANE O MOLEMO.

 Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (9:9-13)

“Ba hlokang ngaka ha se ba phelang hantle. Hoo ke ho batlang ke mohau, e seng sehlabelo.”

Ka nako eo, ha Jesu a tloha moo, a bona monna ea bitsoang Matheus a lutse tlung ea khafa, ‘me a re ho eena: Ntatele! Eaba Matheus oa ema, oa mo latela.

Eitse ha Jesu a ntse a le lijong ka tlung, bakhafisi le baetsalibe ba bangata ba tla lula le eena le barutuoa ba hae. Ha Bafarisi ba bona hoo, ba re ho barutuoa ba hae: Ke ka baka la’ng ha moruti oa lona a e-ja le bakhafisi le baetsalibe?

Jesu a ba utloa, ‘me a re ho bona: Ba hlokang ngaka ha se ba phelang hantle, empa ke ba kulang. Tsamaeang le e’o ithuta hore na ke ho re’ng ha ho thoe: Hoo ke ho batlang ke mohau, e seng sehlabelo. Hobane ha kea tla ho bitsa ba lokileng, empa baetsalibe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 3 Phupu 2025

Read Next

DBAL e’a ananeloa

Most Popular