Beke ea 5 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (11:4-13)
Ka ha u sa ka ua boloka selekane sa ka, ke tla hlotha ‘muso matsohong a hau, empa ke tla sila mora oa hao leloko le leng, ka baka la Davida.
Ha Salomone a se a tsofetse, basali ha hae ba khelosetsa pelo ea hae melimong esele, ‘me pelo ea hae e n’e s’e se ea Morena, Molimo oa hae, ka ho tlala, joaloka pelo ea ntat’ae Davida. Salomone a latela Ashtarte, molimo oa ba Sidone, le Milkome, molimo o litšila oa ba-Ammone. A etsa ho Ieng hobe mahlong a Morena, ‘me ha a ka a latela Morena ka mokhoa o phethehileng, joaloka ntat’ae Davida.
Salomone a ahela Kemoshe, molimo o litsila oa ba-Moabe, le Moloke, molimo o litsila oa bana ba Ammone, qalo e phahameng, thabeng e ka bochabela ho Jerusalema. A etsetsa le basali ba bang bohle ha hae ba balichaba joalo; ‘me le bona ba ne ba chesetsa melimo ea habo bona mearubelo, ba e nyehela mahlabelo.
Ebile moo Morena a halefelang Salomone, hobane pelo ea hae e n’e furaletse Morena, Molimo oa Israele ea neng a iponahalitse ho eena habeli, a mo laela hore a se ke a latela melimo esele. Empa eena ha a ka a phetha taelo ena ea Morena.
Eaba Morena o re ho Salomone: Ere ka ha u entse joalo, ha ua ka ua boloka selekane sa ka, le litaelo tseo ke u fileng tsona, ruri ke tla hlotha ‘muso matsohong a hao, ke o nehe mohlanka oa hao. Feela, ka baka la Davida ntat’ao, sena nke ke ka se etsa u sa phela. Empa ke tla hlotha ‘muso matsohong a mora oa hao. Le teng, nke ke ka o hlotha kaofela. Empa ke tla siela mor’a hao leloko le le Ieng, ka baka la Davida mohlanka oa ka, le la Jerusalema, motse oo ke ikhethetseng oona.
PESALEMA 105
U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTSA LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.
Ho Iehlohonolo ha phethang tse t U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTSA LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.
oanelang,
ha etsang tse lokileng ka nako tsohle,
U re hopole, Morena,
ha u bontša lerato la hao ho sechaba sa hao.
U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTSA LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.
Empa ha bang ha itsoakanya le bahedene,
ha itloaetsa mekhoa ea bona.
Ba sebeletsa le melimo ea bona ea bohata,
e bileng leraba le ba tšoasang.
U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTSA LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.
Ba etsetsa bademone mahlabelo
ka bara le barali ba bona.
Khalefo ea Morena ea tlokela sechaba sa hae,
a nyonya ba lefa Ia hae.
U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTSA LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (7:24-30)
Lintjanyana li ee li je makumane a bana tlas’a tafole.
Ka nako eo, Jesu a tloha moo, a ea tikolohong ea Tire, ‘me a kena ka tlung e ‘ngoe, a sa rate hore a tsejoe ke motho, a mpa a sitoa ho pateha. Efela mosali e mong eo morali oa hae a neng a e-na le moea o litšila, hang ha a mo utloela, a kena ‘me a khumama maotong a hae. Mosali eo e ne e le Mogerike oa mofuta oa ba Sirofenikia. A rapela Jesu hore a leleke modemone ho morali oa hae.
Jesu a re ho eena: Lesa bana ba ke ba khore pele; hobane ha se hantle ho nka bohobe ba bana le ho bo akhela lintjanyana. Empa mosali a mo fetola, a re: E, Morena, empa le tsona lintjanyana Ii ee Ii je makumane a bana tlas’a tafole. Jesu a re ho eena: Ka baka la polelo eo, tsamaea, modemone o tsoile ho morali oa hao.
Ha mosali eo a fihla ka tlung ea hae, a fumana ngoanana a robetse liphateng, ‘me modemone a tsoile.
