Vinkmag ad

La 11 Hlakola 2026

Beke ea 5 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (10:1-10)

Mofumahali oa Sheba a bona bohlale bohle ba Salomone.

Matsatsing ao, hoba mofumahali oa Sheba a utloe tsa botumo ba Salomone, a tla mo nonya ka lilotho. A fihla Jerusalema a tsamaea le letšoele le leholo, a le likamele tse bofileng linoko le gauda e ngata haholo le mahakoe a bohlokoa. Eitse ha a fihla ho Salomone, a ‘molella tsohle tse pelong ea hae. Salomone a arabela Iipotso tsohle tsa hae, ho se le e ‘ngoe eo khosi e sitiloeng ho e araba.

Eare ha mofumahali oa Sheba a bona bohlale bohle ha Salomone, ntlo eo a e ahileng, lijo tsa tafole ea hae, matlo a bahlanka ba hae, makhethe a basebeletsi ba hae le liaparo tsa bona, baabi ba lino, a bona le mahlabelo a licheso a neng a nyeheloa ka Tempeleng ea Morena, a haroha letsoalo.

A re ho khosi: Athe seo ke se utloileng naheng ea ka ka uena le ka bohlale ba hao efela e ne e le ‘nete! Empa ke ne ke sa lumele, ho fihlela ke ba ke e-tla mona, ke ipontša ka mahlo a ka. Ruri seo ke se boleletsoeng, ha se amantše le ho amantša. Ka bohlale le ka maruo u feta hole seo ke se utloileng ka bo-ba-re.

Ho lehlohonolo basali ba hao, ho lehlohonolo bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pel’a ‘hao, ba ntse ba mametse bohlale ha hao! Ho bokoe Morena, Molimo oa hao, ea khahliloeng ke uena, ‘me ea u behileng teroneng ea Israele! Ere ka ha Morena a rata Israele kamehla, o u behile khosi, hore u sebetse ka toka le tsoanelo.

Eaba o fa khosi litalenta tse lekholo le mashome a mabeli tsa gauda, linoko tse ngata haholo le mahakoe a matle. Ha hoa ka ha hlola ho tlisoa le ka mohla linoko tse ngata joaloka tseo mofumahali oa Sheba a Ii fileng khosi Salomone.

 

PESALAMA 36

 

MOLOMO OA EA LOKILENG O NTSA PUO TSA BOHLALE.

 

Beha sohle se u hlahelang ka pel’a Morena,

u be u mo tsepe, ke eena ea tla bona se ka etsoang.

A totobatse joaloka leseli ho loka ha hao,

le litokelo tsa hao joaloka motseare oa lengeta.

MOLOMO OA EA LOKILENG O NTSA PUO TSA BOHLALE.

 

Molomo oa ea lokileng o ntša puo tsa bohlale,

le leleme la hae le bolela toka;

Molao oa Molimo oa hae o ka pelong ea hae,

‘me mehato ea hae e ke ke ea rerekela.

MOLOMO OA EA LOKILENG O NTSA PUO TSA BOHLALE.

 

Pholoho ea ba lokileng e tsoa ho Morena;

ke eena setšabelo sa bona ka nako ea matšoenyeho

Morena oa ba thusa ‘me oa ba lopolla,

oa ha pholosa ha ba tšabela ho eena.

MOLOMO OA EA LOKILENG O NTSA PUO TSA BOHLALE.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (7,14-23)

 

Se tsoang ho motho ke sona se mo silafatsang.

 

Ka nako eo, Jesu a boela a bitsetsa letšoele ho eena, ‘me a re ho Iona: ‘Mameleng bohle, ‘me le be le nkutloisise. Ha ho letho le Ieng ka ntle ho motho, leo ekareng ha le kena ka ho eena, la mo silafatsa; empa ke se tsoang ka ho motho se mo silafatsang. Ea nang le litsebe ho utloa a ke a utloe!

Eitse ha a tlohile letšoeleng ‘me a se a kene ka tlung barutuoa ha hae ha ‘motsa papiso eo. A re ho bona: Ana le lona le hloka kutloisiso tjee? Ha le utloisise hore ntho efe le efe e tsoang ka ntle ho motho ha e kene pelong ea hae, empa e ea ka mpeng, ‘me e tsoela mohlabaneng? Ka ho rialo o ne a bolela hore lijo tsohle Ii hloekile. A tsoela pele, a re: Lintho tsohle tse tsoang ho motho, ke tsona tse mo silafatsang; hobane ke kahare,

lipelong tsa batho, moo ho tsoang mehopolo e mebe, botsoa, bosholu, lipolao, bohlola, meharo, makhopo, bomene-mene, tse hlabisang lihlong, mohono, liketseletso, boikhohomoso le botlaopa. Mekhoa ena e mebe e tsoa kahare ho motho ‘me ke eona e silafatsang motho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 Hlakola 2026

Read Next

La 12 Hlakola 2026

Most Popular