Beke ea 4 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (24:2.9-17)
Ke ‘na ea fositseng, ke batlile palo ea sechaba; mohlape oo, ona o entse’ng?
Matsatsing ao, Khosi Davida ea laela Joabe le balaoli ba mabotho, ba neng ha e-na le eena, a re: E-eang le meloko eohle ea Israele, ho tloha ka Dane ho ea fihla Beersheba, le bale batho, ke tle ke tsebe palo ea sechaba. Joabe a tlisetsa khosi palo ea bongata ba sechaba. Israele e n’e e-na le likete tse makholo a robeli tsa bahlabani ba tsebang ho tšoara sabole; bahlabani ba Juda ba ne ba le likete tse makholo a mahlano. Hoba Davida a bale sechaba, a sehoa ke letsoalo ‘me a re ho Morena: Ke entse sebe se seholo ka ketso ena ea ka. Joale Morena, ak’u tšoarele molato oa mohlanka oa hao joale, etsoe ruri ke sebelitse ka bothoto.
Eitse ka le hlahlamang ha Davida a tsoha, lentsoe la Morena la fihlela moprofeta Gade, seboni sa Davida, la re: Tsam’u re ho Davida: Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke u fa hore u ikhethele linthong tse tharo, ke tle ke u otle ka e ‘ngoe ea tsona.
Ha Gade a fihla ho Davida, a mo tsebisa, a re ho eena: Ha e le hore u oeloe ke tlala lilemo tse supileng naheng ea hao, e le hore u balehe khoeli tse tharo pel’a sera se u tebelisang, kapa e le hore ho be le lefu la seoa naheng ea hao matsatsi a mararo, u ikhethela’ng? Imamele, u mpolelle hore na karabo eo ke tla e isa ho ea nthomileng ke efe.
Davida a re ho Gade: Ke tsielehile hakakang! Re ka mpa ra oela matsohong a Morena, hobane mohau oa hae o moholo, ho e-na le ho oela matsohong a batho. Eaba Morena o romela lefu la seoa Israeleng, ho qala ka eona nako eo ea hosasa ho ea fihla nakong e behiloeng. Ho tloha Dane ho ea fihlela Beersheba, ha e-shoa batho ba mashome a supileng a Iikete har’a sechaba.
Eitse ha Lengeloi le otlollela letsoho nq’a Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ka baka la kotlo ena. Eaba o re ho Lengeloi le timetsang sechaba: Ho sa lekane; khutlisa letsoho la hao joale! E ne e le ha Lengeloi la Morena le eme pel’a seotlo sa Arauna oa mo-Jebuse.
Ha Davida a bona lengeloi le bolaeang sechaba, a bua le Morena, a re: Ke ‘na ea fositseng, ke ‘na ea entseng sebe. Mohlape oo, oona o entse’ng? Letsoho la hao le mpe le otle ‘na le ba ntlo ea ntate!
PESALEMA 31
MORENA, U NTŠOARELE MOLATO OA SEBE SA KA.
Ho lehlohonolo eo sebe sa hae se tšoaretsoeng,
eo phoso ea hae e hlakotsoeng.
Ho lehlohonolo motho
eo Morena a sa ‘meheng molato,
eo ho seng mano moeeng oa hae.
MORENA, U NTŠOARELE MOLATO OA SEBE SA KA.
Ke ile ka u bolella sebe sa ka,
ka se ke ka u patela molato oa ka.
Ka re: Ke tla ipolela phoso ea ka ho Morena;
‘me uena u ntsoaretse molato oa sebe sa ka.
MORENA, U NTŠOARELE MOLATO OA SEBE SA KA.
Ha feela e mong le e mong oa metsoalle ea
hao a ka u rapela nakong ea mathata,
moroallo oa metsi o ke ke oa mo fihlela.
Ke uena setsahelo sa ka, u mphemisa matšoenyeho,
u etsa hore ke teeloe hare ka litlatse tsa pholoho.
MORENA, U NTŠOARELE MOLATO OA SEBE SA KA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6:1-6)
Ha ho moo moprofeta a hlompholloang, ha e se motseng oa habo.
Ka nako eo, Jesu a boela motseng ha habo, ‘me barutuoa ba hae ha ea le eena. Ka letsatsi la sabbatha, a qala ho ruta tlung ea thapelo; ‘me ba bangata, ha ba mo utloa, ba tsota, ba re: Tsee kaofela eo o Ii nka kae? Bohlale boo, boo a bo filoeng, ke bo joang? Le liketso tsee tse matla tse etsoang ka matsoho a hae Ii hlaha kae? Na eo ha se ‘metli oa mapolanka, mor’a Maria, le ngoan’abo Jakobo le Josefa le Juda le Simone? Ana le likhaitseli tsa hae ha Ii moo har’a rona?
Ba ne ba khopiseha ke eena. Eaba Jesu o re ho bona: Ha ho moo moprofeta a hlompholloang, ha e se motseng oa habo, har’a bang ka eena le lapeng la bo.
O n’a sitoa ho etsa mohlolo ofe kapa ofe moo, ha e se oa ho folisa bakuli ba seng bakae, ka ho ba beha matsoho. O n’a makalla ho sa lumele ha bona, ‘me o n’a e-ea le metsana e ka mathoko, a nts’a ruta.
