Vinkmag ad

Sepolesa se bula selemo ka thapelo

Sepolesa sa Ntlo-Kholo e Maseru ka thoko ho toropo e leng Flight One, se ile sa tšoara thapelo e buleng selemo, ho kopa Morena Molimo a se fe matla, sebete, botšepehi le kutloisiso ea mosebetsi o na o matla oa ho alosa sechaba sa Motlotlehi, le ho rapella litlolo tsa molao haholo tlhekefetso ka mefuta eohle ea eona, hore e ee moriting. Litaba tsena tse neng li eteletsoe pele ke baruti ka ho fapakana ha likereke, li ne li etsahala ka la 30 Pherekhong monongoaha hona mabaleng a sepolesa.

Sgt. Ramaru a hlalosa hore sepheo sa thapelo eo ke ho tla rapella tlhekefetso e bonahalang e jele setsi Seterekeng sa Maseru. A bontša hore taelo ena etsoa ho bookameli ba sepolesa hore ba ke ba ithapelle le ho ipeha tlas’a Morena Molimo.  A re bona e le Sepolesa sa Motlotlehi ba khathatsehile haholo ke bo-ntate ba hlekefetsang bana, bo-nkho le basali. A re bo-ntate mora tjena ba se ba fetohile liphiri, litau le likoeoko.

A re e le mapolesa a Rural ba hlaheloa ke mafu a sa utloisiseheng selemo le selemo, a bile a le mangata, a re mafu a bona ha se a mona ao motho a okoang ka hona ba tl’o ipeha ho Morena Molimo hore a ke a ba sireletse ebang hona le moea o sollang o ke o tsoe.

Baruti ba ile ba rera ba bontša hore selemo sena ebe sa karabo, sepolesa se behe likopo tsohle ho Morena Molimo, ‘me ka nako ea teng o tla utloa thapelo ea bona ba se ke ba nyahama.

Lebitsong la Morena oa Ha Paki, ntate Mabejane a re o leboha letsatsi lena ka ho khetholoha, hobane thapelo ena e tla thusa sepolesa hore se etse mosebetsi oa sona ka katleho. Leha ho le joale, a kenya kopo ho sepolesa hore se se lebale ho ba etsetsa lipitso e le marena a alosoang ke sepolesa sa Flight One le hore ba tl’o rapela ‘moho esitana le ho hlahlelloa ka boipoleso. A re thapelo ha e khathalloe, ha hona nako eo ho thoeng e lekane.

A phethela ka ho ipiletsa ho banang le kobo ea bohali ka moaho oa sepolesa sa Flight One o sa khotsofatseng, o seng maemong a ho sebeletsa sechaba haholo haele Ntlo Kholo. A re sepolesa se sebeletsang ka moo ha se phutholohile, ha se be le mafolofo a mosebetsi oa sona.

Ea tšoereng molepo e le Mookameli oa Flight One Supt. Mohato Lerotholi o itse o leboha bohle ba bileng teng thapelong ena. O itse morero o mong oa bona ke ho bokeletsa limpho tseo ba tla li fa barutoana ba likolo tseo ba tlang ho li hloaea ho ba nolofaletsa boithuto.

Lebitsong la Mookameli oa Sepolesa SSupt. Mpiti Mopeli, e le Motlatsi oa Mookameli ka Sekolong sa Koetliso ea Sepolesa ebile e le Raliphatlatso oa Sepolesa sa Lesotho, o itse o lebohela sepolesa sa habo haele mona se qala selemo ka thapelo. A re Morena Molimo ke qalo le qetelo, ka hona haele mona ba kenya Morena Molimo qalong tjena litaba tsa bona li tla tsamea hantle, hobane ke eena ea tla ba tatisa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 Pherekhong 2026

Read Next

La 31 Pherekhong 2026

Most Popular