Vinkmag ad

La 29 Pherekhong 2026

Beke ea 3 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (7:18-19.24.29)

“Morena Molimo, ebe ‘na ke mang, le hona ntlo ea ka ke’ng?”

Hoba Nathane a bue le Davida, khosi Davida a ea lula kapel’a Morena, a re: Morena Molimo, ebe ‘na ke mang, le hona ntlo ea ka ke’ng, ha u mphahamisitse hakalo? Empa tsena e sa le linyane mahlong a hau, Morena Molimo; u bile u etsetsa ntlo ea mohlanka oa hau lipallo bakeng la nako e tlang! Hleka hona ha ho fete kutloisiso ea motho, Morena Molimo?

U ithehetse sechaba sa hau sa Israele, hore e be sechaba sa hau kamehla le mehla, ‘me uena, Morena, ua ba Molimo oa sona. Joale, Morena Molimo, pallo eo u e etselitseng mohlanka oa hau le ntlo ea hae, u e phethahatse kamehla. U etse kamoo u boletseng kateng, e le hore Lebitso la hau le tle le tlotlisoe kamehla, ho thoe: Morena oa makhotla ke Molimo ea busang Israele.

Ntlo ea mohlanka oa hau Davida e tla tiea pel’a hau, hobane uena, Morena oa makhotla, Molimo oa Israele, u senoletse mohlanka oa hau, ua re: Ke tla u ahela ntlo. Ke ka baka lena mohlanka oa hau a bileng sebete sa ho u hlahisetsa thapelo ena.

Morena Molimo, uena ea leng Molimo ruri, eo lipallo tsa hau e leng tsa ‘nete, u tšepisitse mohlanka oa hau molemo o moholo. Joale, ak’u hlohonolofatse ntlo ea mohlanka oa hau, hore e tle ‘ne e be pel’a hau kamehla, ka ha e le uena Morena Molimo ea buileng, ‘me ka tlhohonolofatso ea hau ntlo ea mohlanka oa hau e ‘ne e hlohonolofale kamehla le mehla.

PESALEMA 131

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTATA’E.

Morena, ak’u hopole Davida

le litšotleho tsohle tsa hae.

Hopola kamoo a neng a hlapanyelitse Morena,

le kamoo a neng a etselitse

Ea matla oa Jakobo kano kateng.

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTATA’E.

A re: Ha nka ke ka kena ka tlung ea ka,

leha e le ho robala moalong oa ka,

ho fihlela ha ke fumanetse Morena sebaka,

le Ea matla oa Jakobo motlotloane.

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTATA’E.

Morena o hlapanyelitse Davida ka kano,

eo a ke keng a e koenehela.

O itse: Tholoana e tsoang thekeng la hau,

ke eona eo ke tla e hlomamisa teroneng ea hau.

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTATA’E.

Ha bara ba hau ba ka boloka selekane sa ka,

ba latela le litemoso tseo ke ba fileng tsona,

le bara ba bona, le bona,

ba tla lula teroneng ea hau kamehla eohle.

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTATA’E.

Efela Morena o ikhethetse Sione,

o lakalitse ho aha teng.

A re: Ena ke qalo ea ka ea phomolo kamehla eohle,

ke tla phela teng, hobane ke lakatsa joalo.

MORENA MOLIMO O TLA MO NEHA TERONE EA DAVIDA NTATA’E.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (4:21-25)

“Lebone le tlisoa hore le hlongoe sehlomellong sa lona.”

Ka nako eo, Jesu o n’a re ho matšoele: Na lebone le tlisoa hore le behoe tlas’a nkho, kapa tlas’a bethe? Ha se hore le hlongoe sehlomellong sa lona na? Hobane ha ho letho le patiloeng le ke keng la hlahisoa, ‘me ha ho letho le etsoang sephiring le ke keng la pepesoa. Ha motho a e-na le litsebe ho utloa, a ke a utloe.

Hape o n’a re ho bona: Le ke le ele hloko seo le se utloang. Ka tekanyo eo le tla lekanya ka eona, le lona le tla lekanyetsoa ka eona, le be le ekeletsoe. Efela, ea nang le letho o tla fuoa; ‘me ea se nang letho o tla amohuoa le seo a nang le sona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Pherekhong 2026

Read Next

La 30 Pherekhong 2026

Most Popular