Vinkmag ad

La 17 Pherekhong 2026

Sehopotso sa Antone ea Halalelang, Ntat’a Baitlami.

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Deuteronoma. (10:8-9)

“Morena ke eena eo e leng lefa la hae.”

Moshe a bua le sechaba, a re: u khethele Morena leloko la Levi ho jara areka ea selekane sa Morena, ho ema ka pel’a Morena, ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa ka lebitso la hae, ho tla fihlela kajeno.

Ke ka baka leo Levi a sa kang a fuoa kabelo kapa lefa, joaloka bana babo; Morena ke eena e leng lefa la hae, joalokaha Morena, Molimo oa hau a ‘moleletse.

PESALEMA 15

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ak’u mpaballe, oho Molimo,

hobane ke tšabela ho uena.

Ke itse ho Morena: Ke uena Moren’a ka.

Morena, ke uena lefa la ka le mohope oa ka,

ke uena ka sebele ea mpolokelang kabelo ea ka.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ke tla boka Morena, moeletsi oa ka;

le bosiu pelo ea ka e ntse e ntaea.

Ke ikemiselitse hore e be sa le

ke hopotse Morena kamehla;

ha Morena a le pel’a ka, nke ke ka oa.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

U tla mpontša tsela ea bophelo,

thabo e khaphatsehang e fumanoang ho eena,

le nyakallo e sa feleng,

e fuoang ba lulang pel’a hau.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (19:16-26)

“Ha eba u rata ho phetheha, e-ea u rekise lintho tsa hau.”

Ka nako eo, motho e mong a atamela, a re ho Jesu: Moruti ea molemo, ke tla etsa eng e molemo hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng na? Jesu a araba a re: U mpotsetsa’ng mabapi le se molemo na? Ea molemo o mong: ke Molimo. Ha u rata ho kena bophelong, boloka melao.

A re ho eena: Efe na? Jesu a re: U se ke ua bolaea, u se ke ua feba, u se ke ua utsoa, u se ke ua fana ka bopaki ba bohata, hlonepha ntat’ao le ‘m’ao; hape: u rate le oa heno joalokaha u ithata. Mohlankana a re ho eena: Tsena tsohle ke li bolokile ho tloha bonyenyaneng ba ka; joale ke sa haelloa ke’ng?

Jesu a re ho eena: Ha eba u rata ho phetheha, e-ea, u rekise lintho tsa hau, u fane ho mafutsana, ‘me u tla ba le leruo maholimong; u ntan’o tla, u ntatele. Eitse hoba mohlanka a utloe lentsoe leo, a tsamaea a soabile: hobane o n’a e-na le maruo a mangata.

Eaba Jesu o re ho barutuoa ba hae: Ruri kea le bolella, morui o tla kena ‘musong oa maholimo kathata. Ke le bolella hape, ke re ho bonolo hore kamele e fete ka leihlo la nale, ho e-na le hore morui a kene ‘musong oa maholimo. Ha barutuoa ba utloa tsena ba makala haholo, ba re: Ha ho le joalo, ke mang ea ka pholohang na? Empa Jesu a ba talima, a re ho bona: Ha e le batho, hona hoa ba sita; empa ho Molimo ha ho letho le mo sitang.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Pherekhong 2026

Read Next

La 19 Pherekhong 2026

Most Popular