Vinkmag ad

La 13 Pherekhong 2026

Beke ea 1 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (1:9-20)

“Morena a hopola Anna, ‘me Anna a beleha Samuele.”

Matsatsing ao, hoba ho jeoe, ho nooe Shilo, Anna a tsoa. Moprista Eli o n’a lutse setulong a itšetlehile ka kosene ea monyako oa Tempele ea Morena. Anna a fihla a tlallane ke mosarelo, a rapela Morena, a ntse a lla habohloko. A ikana, a re: Morena oa makhotla, ha u ka mp’a talima tsietsi ea lekhabunyane Ia hau, ua nkhopola, u sa lebale lekhabunyane Ia hau, ua mpa ua le fa ngoana e motona, ke tla mo abela Morena bakeng Ia bophelo bohle ba hae, ‘me lehare ha Ie ka ke Ia ‘meola hlooho.

Eare ha a nts’a pheta-pheta lithapelo tsa hae pel’a Morena, Eli o n’a mo talimile melomong. Empa Anna o n’a buela ka pelong, a nts’a bebenya melomo feela, lentsoe lona le sa utloahale. Ka hoo, Eli a fumana e ka o tahiloe. Ebile Eli o re ho eena: U tla tahoa tjee ho fihlela neng? Hlatsa veine ena!

Empa Anna a fetola, a re: Che, moren’a ka, ke mosali ea litlallong; ha kea noa veine, leha e le seno se tahang, ke mpa ke phetela Morena mahloko a pelo ea ka. U se ke ua sheba lekhabunyane Ia hau e le motho oa masaoana; ha esale ho fihlela joale, ke ntse ke buisoa ke boima ba matlokotsi le masisa-pelo.

Ke moo Eli a ileng a araba, a re: Ikele ka khotso, ‘me Molimo oa Israele a ke a u sitse ka seo u se kopileng ho eena. Eena a re: Lekhabunyane Ia hau a le ke le fumane mohau ho uena. Mosali a nt’o ikela. A qala ho ja, sefahleho sa hae se se se se joaloka pele.

Ba tsoha e sa le hoseng, ‘me eare hoba ba khumamele Morena ba khutla, ba boela hae ha habo bona, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosali oa hae, ‘me Morena a mo hopola. Ka nako ea teng Anna a emola, ‘me a beleha mora, a mo reha lebitso Ia Samuele, kaha o n’a re: Ke mo kopile ho Morena.

PESALEMA                     (1 Sam 2,1.4-5.6-7.8)

PELO EA KA E THABETSE MORENA.

Pelo ea ka e thabetse Morena,

ke tsoha molota ka baka Ia Molimo oa ka.

Ke tlepa lira tsa ka litšeho,

hobane ke thabetse pholoho ea hau.

PELO EA KA E THABETSE MORENA.

Liqha tsa bahale li robehile,

athe ba fokolang ba itlamme thekeng ka matla.

Ba neng ba khora ba ikhirisetsa lijo;

athe ba neng ba lapa ha ba sa hloka ho sebetsa.

PELO EA KA E THABETSE MORENA.

Nyopa e beleha hasupa,

athe ea bana ba bangata o saretsoe.

Morena o laola lefu le bophelo,

O theolela Qalong-ea-bafu, a be a inole.

PELO EA KA E THABETSE MORENA.

Morena o’a futsanehisa, ‘me o’a ruisa,

O’a kokobetsa, a be a phahamise.

O ntša mofutsana litholeng,

o nyolla mohloki thotobolong.

ho mo beha har’a mahosana

Ie ho mo fa setulo sa hlompho.

PELO EA KA E THABETSE MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.(1:21-28)

“O n’a ba ruta joaloka ea nang le matla.”

Jesu a kena tlung ea thapelo Kafarnauma, ka letsatsi Ia sabbatha ‘me a qala ho ruta batho. Ba ne ba tsota thuto ea hae, ka hobane o n’a ba ruta joaloka ea nang le matla, e seng joaloka bangoli.

Tlung ena ea bona ea thapelo ho no ho le teng motho ea tšoenngoang ke moea o litšila, ea ileng a hooa, a re: U re batla’ng Jesu oa Nazaretha? Ana u tletse ho re timetsa? Kea tseba hore na u mang: u Ea halalelang oa Molimo. Jesu a mo khalemela, a re: Thola u b’u tsoe ho motho eo. ‘Me moea o litšila oa mo tsukutlaka, oa bokolla habohloko, eaba o tsoa ho eena.

Bohle ba makala, ba ba ba botsana, ba re: Hona ke’ng? Thuto ena e ncha ke e joang, e rutoang ke motho ea matla hakale, ea bileng a laelang esita le meea e litšila ‘me e mo mamele? ‘Me kapele-pele botumo ba hae ba tlala naheng eohle ea Galilea.

Vinkmag ad

Read Previous

Letona le khakola kotulo

Read Next

La 14 Pherekhong 2026

Most Popular