Beke ea 1 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (1:1-8)
“Mohalitsong oa Anna o n’a mo utloisa bohloko ka ho mo sona hobane Morena a mo timme thari.”
Ho n’o le teng monna e mong, letsoalloa la Ramathaime, oa mo-Tsufe oa thaba ea Efraime, ea bitsoang Elkana, mor’a Jerohame, Jerohame oa Elihu, Elihu oa Thohu, Thohu oa Tsufe, mo-Efraime. O n’a e-na la basali ba babeli, e mong a bitsoa Anna, e mong Peninna. Peninna o n’a e-na le bana, athe Anna o n’a se na bona Ka selemo le selemo monna eo o n’a ee a tlohe motseng oa habo, ho ea khumamela Morena oa Makhotla le ho mo nyehela sehlabelo Shilo, moo bara ba babeli ba Eli, Hofni le Finehase, e neng e le baprista ba Morena teng. Ha Elkana a ne a nyehela sehlabelo, o n’a ee a nehe mosali oa hae Peninna le bara le barali ba hae bohle liabo; athe Anna eena, o n’a ee a mo nehe se le seng, leha a n’a mo rata haholo, Morena a mpa a mo timme thari.
Mohalitsong oa Anna o n’a b’e sa le a mo utloisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari. Ho n’o e-ba joalo ka selemo le selemo; e n’e ee ere ha a etela tlung ea Morena, e b’e sa le Peninna a mo utloisitse bohloko joalo. Anna o n’a hlola a llile, a hana le ho ja.
Elkana, monna oa hae, o n’a re ho eena: Anna, u’a b’u nts’u llela’ng, u hana le ho ja? Pelo ea hao e hlonametse’ng? Na ha ke molemo ho uena le ho feta bara ba leshome?
PESALEMA 115
MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELO SA TEBOHO.
Ke tla buseletsa Morena joang
bakeng la tsohle tseo a nthusitseng ka tsona?
Ke tla nyehela senoelo sa pholoho,
ke rapele lebitso la Morena.
MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELO SA TEBOHO.
Ke tla phetha likano tsa ka ho Morena,
pel’a sechaba sohle sa hae.
U ntokolotse litlamong tsa ka.
Ke tla u nyehela sehlabelo sa teboho,
ke rapele lebitso la Morena.
MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELO SA TEBOHO.
Ke tla phetha likano tsa ka ho Morena,
pel’a sechaba sohle sa hae,
mabaleng a ntlo ea Morena,
ka hare ho uena, Jerusalema.
MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELO SA TEBOHO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (1:14-20)
“Bakang, ‘me le lumele molaetsa oa taba tse monate.”
Hoba Joannes a kenngoe chankaneng, Jesu a tla Galilea, a nts’a ruta molaetsa oa taba tse monate tsa ‘Muso oa Molimo, a re: Nako e phethahetse ‘me ‘Muso oa Molimo o s’o le haufi; bakang ‘me le lumele molaetsa oa taba tse monate. Eitse ha a sika le leoatle la Galilea, a bona Simone le Andreas ngoan’abo, ba akhela letlooa leoatleng, ka ha e ne e le batšoasi ba lihlapi.
Jesu a re: Ntšaleng morao, ke tla le etsa batšoasi ba batho. Hang-hang, ba siea matlooa a bona ‘me ba mo latela. Ha a nts’a e-ea pejana, a bona Jakobo mor’a Zebedea, le Joannes ngoan’abo; le bona ba ne ba le sekepaneng, ba roka matlooa. Hang a ba bitsa; eaba ba siea ntat’a bona, Zebedea, le bahiruoa sekepaneng, ba mo sala morao.
