Vinkmag ad

La 20 Tšitoe 2025

Beke ea 3 ea Advente

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (7:10-14)

“Moroetsana o tla emola.”

Matsatsing ao, Morena a boela a bua le Akhaze, a re ho eena ikopele pontšo ho Morena Molimo oa hau, e ka ba e hlahang tlase-tlase, Qalong-ea-bafu, kapa e tsoang holimo-limo.” Empa Akhaze a fetola a re: “Ha ke na ho kopa, nke ke ka leka Morena.”

Ke ha Isaia a re: “Mamelang joale, lona ba ntlo ea Davida. Hleka ha lea khotsofala ke ho khathatsa batho, ha e le mọo le khathatsa le Molimo oa ka? Ka baka leo, Morena ka boeena o tla le fa pontšo: moroetsana o tla emola, a belehe mora, ‘me a mo rehe lebitso la “Emmanuele,” ke hore: “Molimo o na le rona.”

PESALEMA 23

MORENA A KE A KENE: KE EENA KHOSI E TLOTLEHANG.

Lefatše ke la Morena le tsohle tse ho lona:

lefatše le baahi bohle ba lona.

O n’a le thehe holim’a maoatle,

a le tiisa holim’a maliba.

MORENA A KE A KENE: KE EENA KHOSI E TLOTLEHANG.

Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Morena,

ke mang ea ka emang qalong e halalelang ea hae?

Ke ea se nang mali matsohong.

ea pelo e hloekileng.

MORENA A KE A KENE: KE EENA KHOSI E TLOTLEHANG.

Enoa ke eena ea tla fumana mahlohonolo ho Morena,

ea tla ahloleloa ke Molimo, mopholosi oa hae.

O joalo moloko oa ba mo batlang,

oa ba batlang ho hlaha pel’a hau,

uena Molimo oa Jakobo.

MORENA A KE A KENE: KE EENA KHOSI E TLOTLEHANG.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1:26-88)

“Bona, u tla emola popelong, u belehe mora.”

Khoeling ea bots’elela, lenyeloi Gabriele la romeloa ke Molimo motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, ho Movirigo ea neng a qetsoe ke monna ea bitsoang Josefa, oa ntlo ea Davida. Lebitso la Movirigo e ne e le Maria.

Lenyeloi la fihla ho eena, la re: Ahe, ea tlotliloeng haholo, Morena o na le uena; u lehlohonolo har’a basali. A ferekanngoa ke lentsoe lena, ‘me a ipotsa hore na tumeliso ena e bolela’ng.

Eaba lenyeloi le re ho eena : Se ts’ohe Maria, hobane u fumane mohau ho Molimo. Bona, u tla emola popelong, u belehe mora, ‘me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo, a bitsoe Mora oa Ea holimo-limo. Morena Molimo o tla mo neha terone ea Davida ntat’ae: o tla rena holim’a ntlo ea Jakobo ka bosafeleng, ‘me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.

Maria a re ho lenyeloi: Hoo ho tla etsahala joang ha e le moo ke sa tsebe monna? Lenyeloi la araba, la re ho eena: Moea o Halalelang o tla theohela ho uena, ‘me matla a Ea holimo-limo a tla u haeletsa. Ka baka leo Ea halalelang ea tla belehuoa ke uena o tla bitsoa Mora oa Molimo. Le eena Elisabetha, mohaeno, o emotse mora botsofaling ba hae, ‘me ena ke khoeli ea botšelela ho eo ea neng a bitsoa nyopa: hobane ha ho letho le ka sitang Molimo.

Ke ha Maria a re: Ke ‘na enoa lekhabunyane la Morena: ha ho ke ho etsoe ho ‘na ka ho ea ka polelo ea hau. ‘Me lenyeloi la mo siea.

Vinkmag ad

Read Previous

RSL e apesa naha ka botala

Read Next

La 22 Tšitoe 2025

Most Popular