Beke ea 33 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Bo-Makabea. (2:15-19)
“Re tla latela selelekane sa bo-ntat’a rona.”
Matsatsing ao, maqosa a Khosi a neng a qobella batho ho koeneha a fihla motseng oa Modine ho nyehela mahlabelo. Ba-Israele ba bangata ba tla ho ‘ona, empa Mattathiase le bara ba hae ba itšeka thajana.
Eaba maqosa a khosi aa bua, a re: “U morena ea tummeng ‘me ea matla motseng ona ‘me u tšehelitsoe ke bara le bana beno. Ka hona, ha ho atamele uena pele, u phethe taelo ea khosi, joalokaha lichaba tsohle li se li entse hammoho le banna ba Juda le ba setseng Jerusalema; ‘me uena le bara ba hau le tla balelloa har’a metsoalle ea khosi, uena le bara ba hau, le tla tlotloa ka limpho tsa silvera le gauda le tse ling tse ngata.”
Empa Mattathiase a araba ka lentsoe le phefa, a re: “Leha lichaba tsohle tse tlas’a puso ea khosi li e mamela hoo li koenehelang tšebeletso ea habo tsona, leha li ikhethela ho tsamaea ka melao ea eona, rona le bara ba ka le bana b’eso, re tla latela selekane sa bo-ntat’a rona.
Molimo a re thuse re se furalle Molao le litšoanelo! Re ke ke ra mamela litaelo tsa khosi ‘me ra khelosoa tšebeletso ea habo rona ka tsela efe kapa efe.” Hang hoba a qete ho bua joalo, monna e mong oa Mo-Juda a hlahella ka pele, bohle ba ‘mona, ho nyehela sehlabelo aletareng e neng e le Modine, ka ho ea ka taelo ea khosi. Ha Mattathiase a bona hona, a kenoa ke cheseho e tsotehang, a fela pelo, a ba a tlokoma ke khalefo e halalelang, a rutloloha, a ‘molaela holim’a aletare.
Ka oona motsotso oo a bolaea le motho oa khosi ea neng a qobella batho ho nyehela mahlabelo a ba a heletsa le aletare fatše. Mattathiase o n’a chesehella molao, joaloka Finease ea ileng a bolaea Zimri, mor’a Salu.
Eaba o hooa ka lentsoe le phefa har’a motse o re: “Mang le mang ea chesehellang molao ‘me ea emelang selekane a ntšale morao!”
Mattathiase le bara ba hae ba balehela lithabeng ba siile tsohle tseo ba neng ba e-na le tsona motseng. Joale ba bangata ba neng ba batla ho phela ka mokhoa o lokileng, ‘me o tšoanelehang ba theohela lehoatateng ho ea aha hona teng.
PESALEMA 49
EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTšA PHOLOHO EA MOLIMO.
Morena Molimo ea matla ‘ohle o’a bua,
o epa pitso ea lefatše lohle,
ho tloha Bochabela ho isa Bophirima.
Molimo o tla iponahatsa a le Sione,
motse o botle bo phethehileng.
EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTšA PHOLOHO EA MOLIMO.
Mphutheleng metsoalle ea ka,
e tiisitseng selekane le ‘na ka sehlabelo.
Maholimo a phatlalatsa toka ea hae,
hobane Molimo ke eena moahloli.
EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTšA PHOLOHO EA MOLIMO.
Sehlabelo sa hau ho Molimo e be teboho,
u phethe likano tsa hau ho Ea holimo-limo.
Hoeletsa ho ‘na tsatsing la matšoenyeho,
ke tla u pholosa, ‘me uena u tl’u ntlotlise.
EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTšA PHOLOHO EA MOLIMO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (19:41-44)
“Hoja u tsebile tseo e ka bang khotso ho uena!”
Ka nako eo, eitse ha Jesu a atamela Jerusalema, ‘me a bona motse, a o llela, a re: Hoja ka letsatsi lena la hau, u tsebile le uena, tseo e ka bang tsa khotso ho uena! Empa joale li u siretse. Hobane matsatsi a tla u oela holimo, ao ka ‘ona lira tsa hau li tla u lika-liketsa ka lengope, li u teela hare, li u patise ka nqa tsohle. Li tla u lihela fatše le bana ba hau ba leng ho uena; ‘me li ke ke tsa siea lejoe holim’a le leng ho uena, hobane ha ua ka ua tseba nako ea ketelo ea hau.
