Vinkmag ad

La 19 Pulungoana 2025

Beke ea 33 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Bo-Makabea. (7:1.20-31)

“’Mopi oa tsohle o tla le buseletsa phefumoloho le bophelo.”

Matsatsing ao, ho ne ho le teng hape bara ba supileng ba motho ba ileng ba tšoaroa ‘moho le ‘m’a bona: Khosi e ile ea ba hlokofatsa ka liphafa le ka marapo, ho ba qobella ho ja nama ea kolobe. ‘M’a bona ebile motho oa mohlolo, ea lokelang ho hopoloa ka tlhompho.

Ka baka la ho beha tšepo ea hae ho Morena, a ikutloa a le sebete ho talima bara ba hae ba supileng ba bolaoa tsatsi le le leng. O n’a khothatsa e mong le e mong ka puo ea ha habo bona, a e-na le boikemisetso bo tsepameng, pelo ea hae ea motho oa mosali e rutlehile ke maikutlo a kang a motho oa monna. O n’a re ho bona:

“Hona hore na le tlile joang ka popelong ea ka, ha ke tsebe; ha se ‘na ea le sitsitseng ka phefumoloho le ka bophelo, le teng ha se ‘na ea bopileng litho tsa e mong le e mong oa lona. Empa ke ‘Mopi oa tsohle ea khobang motho tlhahong ea hae, ebile tlholeho ea tsohle e tsoa ho eena. Ka hona, eena, ka mohau oa hae, o tla le buseletsa phefumoloho le bophelo hobane le itetse ka baka la melao ea hae.”

Antioke a hopola hore oa nyelisoa, a ba a belaela ka hore e tla ke ebe o s’a hlapaotsoe polelong eo. Ke ka hona eitseng ha e monyenyane a sa setse, khosi e sa kang ea lebisa mantsoe a khothatso feela ho eena, empa ea ba ea mo hlapanyetsa hore e tla mo etsa morui, e mo khotsofatse, e mo etse motsoalle oa eona, e be e mo fe mosebetsi o phahameng, ha feela a ka furalla meetlo ea bo-ntat’ae.

Ere ka ha mohlankana a n’a sa natse hoo, khosi ea bitsa ‘m’ae, ‘me ea mo khothaletsa ho eletsa moshanyana ho ipholosa. Hoba e mo khothaletse hatelele, a lumela ho eletsa mora. A inamela ka nq’a ka ho ngoana, a phoqa morena ea sehloho ka ho bua puo ea habo bona, a re:

“Ngoan’a ka, nkutloele bohloko, ‘na ea u jereng popelong likhoeli tse robong, ea u nyantšitseng lilemo tse tharo; ka ba ka u otla, ka u holisa ho fihlela u ba mokana. Joale kea u kopa, ngoan’a ka, boha leholimo le lefatše, talima tsohle tse ho tsona, u b’u tsebe hore Molimo ha a ka a li etsa ka se neng se se se bile teng pele, le oona moloko oa batho o hlahile joalo.

U se ke ua tšaba sekebekoa sena, u mp’u ipakahatse u le oa bo bana beno ka ho amohela lefu, e le hore ka nako ea mohau ke tle ke tsebe ho boela ke u fumana u na le bona.”

A sa ntsane a bua, mohlankana a re: “Le sa emetse’ng? Ha ke mamele taelo ea khosi, ke mamela litaelo tsa Molao oo bo-ntat’a rona ba o nehiloeng ka Moshe. Ha e le uena, moqapi oa bobe bohle bo hlahelang Ba-Heberu, u ke ke ua phonyoha liatleng tsa Molimo.”

PESALEMA 16

MORENA KE TLA KHONEHA KE HO U BONA HA KE TSOHA.

Ak’u mamele, Morena, ha ke ikopela toka,

u utloe mohoo oa ka,

u sekehele thapelo ea ka tsebe,

hobane e tsoa molomong o se nang thetso.

MORENA KE TLA KHONEHA KE HO U BONA HA KE TSOHA.

Mehato ea ka ha ea kheloha litsela tsa hau,

‘me maoto a ka ha a ka a rerekela.

Ke hoeletsa ho uena, Molimo oa ka,

hobane u tla nkaraba.

Sekeha tsebe, u mamele lentsoe la ka.

MORENA KE TLA KHONEHA KE HO U BONA HA KE TSOHA.

U mpaballe joaloka thaka ea leihlo la hau,

u mpate moriting oa mapheo a hau.

Ha e le ‘na, ke tla boha sefahleho sa hau,

ke tla khoneha ke ho u bona ha ke tsoha.

MORENA KE TLA KHONEHA KE HO U BONA HA KE TSOHA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (19:11-28)

“Ke ka baka la’ng ha u sa ka ua beha chelete ea ka bankeng?”

Ka nako eo, Jesu a bolela papiso e ‘ngoe, hobane o n’a s’a le haufi le Jerusalema, ‘me ba ne ba kholoa hore ‘muso oa Molimo o s’o le haufi le ho bonahatsoa, a re ho bona:

Motho e mong oa leloko la borena o n’a e-ea lefatšeng le hole ho nehoa litokelo tsa borena teng, a nt’o khutla. A bitsa ba leshome, ba bahlanka ba hae, a ba neha liranta tse leshome, ‘me a re ho bona: Hoebang ka tsona, ho fihlela ke khutla. Athe batho ba ha habo ba ne ba mo hloile, ‘me ba roma maqosa kamor’a hae ba re: Ha re rate ho busoa ke motho enoa.

‘Me ha etsahala hore hoba a khutle a nehiloe litokelo tsa borena, a laele hore a bitsetsoe bahlanka bao a neng a ba nehe chelete, a tle a tsebe hore na e mong le e mong o fumane phaello e kae. Eaba oa pele o’a fihla, a re: Morena ranta ea hau e tsoetse liranta tse leshome. A re ho eena: Ke hantle, mohlanka ea molemo, ka hobane u ile ua tšepeha tabeng e nyenyane, u tla busa metse e leshome. Oa bobeli a tla, a re: Morena, ranta ea hau e entse liranta tse hlano. Le ho eena, a re: U tla busa metse e mehlano.

Ha tla e mong, a re: Morena, ke ena ranta ea hau, eo ke ileng ka e boloka e phuthetsoe ka lesela. Hobane ke ne ke u tšaba, kaha u le motho ea thata; u nka seo u sa kang ua se beha, ‘me u kotula seo u sa kang ua se jala.

A re ho eena: Ke u ahlola ka lipolelo tsa hau, mohlanka ea khopo. U ne u tseba hore ke motho ea thata, ea nkang seo a sa kang a se beha ‘me ea kotulang seo a sa kang a se jala. Ke ka baka la’ng ha u sa ka ua beha chelete ea ka bankeng na, e le hore mohla ke khutlang ke e ntše hammoho le phaello ea eona?

A nt’o re ho ba neng ba le teng: Mo amoheng ranta ea hae, ‘me le e fe ea nang le liranta tse leshome. Ba re ho eena: Morena, o s’a e-na le liranta tse leshome! Ke re ho lona, mang le mang ea seng a e-na le letho, o tla fuoa le ho feta, athe ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a ka bang le sona.

Ha e le lira tseo tsa ka tse sa kang tsa rata hore ke li buse, li tliseng mona ‘me le li bolaele mahlong a ka.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Pulungoana 2025

Read Next

La 20 Pulungoana 2025

Most Popular