Sehopotso sa Khalaletso ea Kereke ea Peterosi le Paulosi ba halalelang, Baapostola.
Beke ea 33 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (28:11-16.30-31)
“Ra nt’o fihla Roma.”
Kamor’a likhoeli tse tharo ra kena sekepeng sa Alexandria, se neng se hlotse Mariha sehleke-hlekeng; letšoao la sona e ne e le bo-Dioskure. Ra fihla Sirakusa ‘me ra kena Rhegiume.
Ha feta letsatsi le le leng, ‘me kaha moea oa Boroa o n’o foka ra fihla Puzzole ka letsatsi la bobeli. Moo ra fumana bana b’abo rona ba ileng ba re kopa hore re lule ha bona matsatsi a supileng; ra nt’o fihla Roma ka mokhoa ona.
Joale bana b’abo rona ba teng, ha ba utloa tsa rona, ba tla re khahlanyetsa lepatlelong la Appiuse le Matlong a-phapohelo-a-mararo. Ha Paulosi a ba bona, a leboha Molimo ‘me a khothahala. Eitse ha re fihlile Roma, Paulosi a lumelloa ho lula ha hae, a e-na le lesole le mo lebelang.
Paulosi, a lula lilemo tse peli tlung eo a neng a e lefeletse. O ne a amohela bohle ba tlang ho eena, a phatlalatsa ‘Muso oa Molimo, a ruta litaba tsa Morena Jesu Kriste ka sebete, a sa khinoe ke letho.
Pesalema 97
MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.
Binelang Morena sefela se secha,
hobane o entse tse tsotehang.
O hlotse ka seatla sa hae,
ka letsoho le halalelang la hae.
MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.
Morena o bontšitse pholoho ea hae,
o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.
O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae
bakeng la ntlo ea Israele.
MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.
Liqola tsohle tsa lefatše
li bone pholoho ea Morena oa rona.
Lona mafatše ‘ohle, etsetsang Morena litlatse,
hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.
MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.
Binelang Morena ka harepa,
ka harepa le ka ‘mino.
etsetsang Morena Molimo litlatse.
MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (14:22-33)
“Laela hore ke tle ho uena holim’a metsi.”
Hoba batho bohle ba je ‘me ba khore, Jesu a phakisa a laela barutuoa ba hae ho kena sekepaneng le ho mo etellapele ho ea mose, ha eena a ntse a qhala matšoele. Eare hoba a a qhale, a nyolohela thabeng a inotši ho ea rapela. Shoalane ha e tšoara, o ne a ntse a le moo a le mong. Ha e le sekepana se ne se se se le hole le lebopo, se tsukutloa ke maqhubu, hobane moea o ne o tobane le sona.
Eare phalimehong ea bona ea bosiu, Jesu a tla ho bona a tsamaea holim’a leoatle. Ha barutuoa ba hae ba ‘mona a tsamaea holim’a leoatle, ba ferekana, ba re: Ke sethotsela, ‘me ba hoeletsa ba tšohile.
Jesu a ba a phakisa a bua le bona, a re: Khobang matšoafo, ke ‘na; se tšoheng! Peterosi a mo fetola, a re: Morena, ha eba ke uena, laela hore ke tle ho uena holim’a metsi! Jesu a re: Tloho.
Eaba Peterosi o tsoa sekepaneng, a tsamaea holim’a metsi, a tla ho Jesu. Empa ha a utloa hore moea o boima, a tšoha; ‘me ha a qala ho teba, a hooa, a re: Morena, mpholose! Jesu a phakisa a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho eena: Motho ea tumelo e fokolang, u belaetse ke’ng?
Hoba ba hloelle sekepaneng, moea oa teba. Eaba ba neng ba le ka sekepaneng ba mo khumamela, ba re: kannete u Mor’a Molimo.
