Sehopotso sa Leoni e Moholo ea Halalelang, Mopapa le Moruti oa Kereke.
Beke ea 32 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (1:1-7)
“Bohlale ke moea o ratang batho; Moea oa Morena o tletse lefatše lohle.”
Lona babusi ba lefatše, ratang toka, le hopole Morena joalokaha e le tšoanelo, ‘me le ‘matle ka pelo e senang mano; hobane o fumanoa ke ba sa mo lekeng, ‘me o iponahatsa ho ba sa hlokeng tšepo ho eena, athe mehopolo e khopo e arohanya motho le Molimo, ‘me Ea matla-‘ohle ha a lekoa ke lithoto, oa li hlahatsa.
Efela Bohlale bo ke ke ba kena moeeng o tloaetseng bobe, leha e le ho aha ‘meleng o inehetseng sebe; hobane Moea o Halalelang o rupelang o baleha mamenemene, o qoaea merero e hlokang kelello, ‘me oa khitłeha ha bokhopo bo atamela.
Bohlale ke moea o ratang batho, empa o ke ke oa leballa monyefoli mahlapa a hae; hobane Molimo ke paki ea tse ka pelong ea hae, le mohlahlobi oa ‘nete oa sefuba sa hae, ‘me o utloa le se buoang ke leleme la hae. Moea oa Morena o tletse lefatše lohle, ‘me kaha e le oona o kopanyang tsohle, o tseba tsohle tse buoang.
PESALEMA 138
MORENA NTSAMAISE TSELENG EA HAU EA MEHLA EOHLE.
Morena, u ntlhahlobile ‘me u’a ntseba,
u tseba leha ke lutse kapa ke eme,
u bona mehopolo ea ka.
U lekantse linako tsa ka
tsa ho tsamaea le ho phomola,
u tsebisisa litsela tsohle tsa ka.
MORENA NTSAMAISE TSELENG EA HAU EA MEHLA EOHLE.
Eee ere le pele lentsoe le betseha molomong oa ka,
U b’u s’u le tseba kaofela, Morena.
Tsebo ena e feta kutloisiso ea ka,
e tebile hoo ke sitoang ho e fihlela.
MORENA NTSAMAISE TSELENG EA HAU EA MEHLA EOHLE.
Nka ea kae ho ba hole le moea oa hau?
Nka balehela kae ho ba hole le sefahleho sa hau?
Leha nka nyolohela maholimong, u teng;
leha nka ea robala Qalong-ea-bafu,
le moo u nts’u le teng.
MORENA NTSAMAISE TSELENG EA HAU EA MEHLA EOHLE.
Leha nka alima mapheo a mafube,
ka ea ikahela lipheletsong tsa leoatle,
esita le hona teng,
ke tla tsamaisoa ke seatla sa hau,
‘me letsoho la hau le tla ntšehetsa.
MORENA NTSAMAISE TSELENG EA HAU EA MEHLA EOHLE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (16:13-20)
“U Peterosi, ke tla be ke u nehe linotlolo tsa ‘muso oa maholimo.”
Ka nako eo, e itse ha Jesu a fihlile naheng ea Kaisaria-Filipi, a botsa barutuoa ba hae, a re: Ana batho ba re Mor’a motho ke mang? Ba mo araba, ba re: Ba bang ba re u Joannes Mohlatsoi, ba bang Elia, ba bang Jeremia kapa e mong oa baprofeta.
Jesu a re ho bona: Empa lona le re ke mang na? Simone Peterosi a araba, a re: U Kriste, Mora oa Molimo ea phelang. Jesu a fetola a re ho eena: U lehlohonolo, Simone, mor’a Jona, hobane ha se motho oa nama le mali ea u senoletseng hona, empa ke Ntate ea maholimong. ‘Me ‘na ke re ho uena: U Peterosi ‘me holim’a letlapa lena ke tla aha Kereke ea ka, ‘me likhoro tsa lihele li ke ke tsa e hlola. Ke tla be ke u nehe linotlolo tsa ‘muso oa maholimo; hohle hoo u tla ho tlama lefatšeng ho tla tlangoa le maholimong, ‘me hohle hoo u tla ho lokolla lefatšeng ho tla lokolloa le maholimong.
Joale a laela barutuoa ba hae hore ba se bolelle motho hoba ke eena Kriste.
