Beke ea 31 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (11:29-36)
“Molimo o kentse bohle ho se mameleng, hore a tle a hauhele bohle.”
Molimo a ke ke a koenehela lineho tsa hae, le pitso ea hae. Mehleng e fetileng, lona le ne le sa mamele Molimo, athe joale le fumane mohau ka baka la ho se mamele ha Bajodi. Ka mokhoa o tšoanang, mehleng ea joale, Bajodi ha ba ka ba lumela ka baka la mohau o le hlahetseng, hore le bona ba tle ba fumane mohau. Hobane Molimo o kentse bohle ho se mameleng, hore a tle a hauhele bohle.
A boliba ba menono, ba bohlale le ba tsebo ea Molimo! Li haella tlhalohanyo hakaakang, likahlolo tsa hae; ‘me litsela tsa hae li phahametse kutloisiso hakaakang! Efela ke mang ea kileng a tseba khopolo ea Morena na? Kapa ke mang ea kileng ea e-ba moeletsi oa hae na? Kapa ke mang ea ileng a mo fa mpho pele, hore a tle a buseletsoe ke eena na? Hobane lintho tsohle li tsoa ho eena, li teng ka eena ‘me li bopetsoe eena. Letlotlo le be ho eena kamehla eohle! Amen.
PESALEMA 68
NKARABE, MORENA, KA NAKO EA KHAUHELO.
Ke tla tlotlisa lebitso la Molimo ka pina,
ke mo phafe ka teboho.
Ba hlophehileng ba ke ba bone ‘me ba thabe;
betang pelo, lona ba batlang Molimo.
NKARABE, MORENA, KA NAKO EA KHAUHELO.
Hobane Morena o utloa mafutsana,
ha a khese ba hae ba litlamong.
Leholimo le lefatše li ke li mo rorise,
le maoatle le tsohle tse nyeunyang ho ‘ona.
NKARABE, MORENA, KA NAKO EA KHAUHELO.
Hobane Molimo o tla pholosa Sione,
a ahe metse ea Juda bocha,
batho ba tle ba ahe teng, e be ha bona.
E tla ba lefa la lesika la bahlanka ba hae,
ba ratang lebitso la hae ba tla lula teng.
NKARABE, MORENA, KA NAKO EA KHAUHELO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (14:12-14)
“U se ke ua mema metsoalle ea hau, empa u meme mafutsana, liritsa le lihlotsa.”
Ka nako eo, Jesu a re ho Mofarisi ea ka sehlohong ea neng a mo memile: Ha u etsa mokete oa lijo, leha e le motšeare kapa mantsiboea, u se ke ua mema metsoalle ea hau, kapa bana beno, kapa ba seng le uena, leha e le barui ba ahisaneng le uena, e se re mohlomong le bona ba u mema ka ho u buseletsa. Empa ha u etsa mokete oa lijo, mema mafutsana, liritsa, lihlotsa le lifofu. ‘Me u tla ba lehlohonolo, hobane ha ba na kamoo ba ka u buseletsang kateng, empa u tla buseletsoa mohla tsoho ea ba lokileng.
