Beke ea 30 har’a selemo
Labone
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (8:31-39)
“Ha ho letho le ka re arohanyang le lerato leo Molimo a re bontšitseng lona ho Kriste.”
Bana beso! Ha Molimo a eme le rona, ke mang ea ka re loantšang? Ha e le moo Molimo a sa ka a qenehela esita le Mora oa hae ka sebele, empa a mo nehetse lefung ka baka la rona bohle, na a ke ke a re neha joang lintho tsohle tse ling joalokaha a re file eena?
Ke mang ea ka qosang ba khethiloeng ke Molimo? Ha Molimo a sa ba behe molato, ke mang ea ka ba ahlolang? Na ke Kriste Jesu? Na ha se eena ea re shoetseng, ea bileng a tsoha bafung, ‘me ea leng haufi le Molimo ho re buella?
Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kriste? A ke matšoenyeho kapa litlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole? Joalokaha ho ngoliloe ho thoe: “Ka baka la hau, re bolaoa letsatsi lohle re tšoantšoa le linku tse il’o hlajoa.”
Tsena tsohle, re li hlola habonolo, ka thuso ea ea re ratileng.
Ke ikholisitse hore lefu kapa bophelo, manyeloi kapa lihloho, leha e le lintho tse teng kapa tse tlang ho ba teng leha e le matla, leha e le bophahamo kapa botebo, esitana le sebopuoa sefe kapa sefe, ha ho letho le ka re arohanyang le lerato leo Molimo a re bontšitseng lona ho Kriste Jesu Morena oa rona.
PESALEMA 108
MORENA, MPHOLOSE, KA MOHAU OA HAU.
Morena Molimo, nthuse ka baka la lebitso la hau,
u ‘namolele kaha mohau oa hau o le molemo;
hobane ke mofutsana le mohloki,
pelo ea ka e thulame ka sefubeng sa ka.
MORENA, MPHOLOSE, KA MOHAU OA HAU.
Nthuse, Morena, Molimo oa ka,
u mpholose ka mohau oa hau,
ho tl’o tsejoe hore sena se entsoe ke uena,
ke mosebetsi oa matsoho a hau, Morena.
MORENA, MPHOLOSE, KA MOHAU OA HAU.
Ke tla boka Morena ka lentsoe le phefa,
ke mo rorise ke le har’a matšoele,
hobane o ema lehlakoreng le letona la mofutsana,
hore a mo pholose ho ba mo tsoang.
MORENA, MPHOLOSE, KA MOHAU OA HAU.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (13:31-35)
“Ha se ntho e lokelang hore moprofeta a bolaeloe kantle ho Jerusalema.”
Ka nako eo, ba bang ba Bafarisi ba tla ho Jesu, ba re ho eena: Tsamaea, u tlohe mona, hobane Heroda o rata ho u bolaea. Jesu a ba araba, a re: E-eang, le bolelle phokojoe eo, le re: Ke leleka bademone ‘me ke etsa lipholiso kajeno le hosasane; ‘me ka letsatsi la boraro tsohle li tla phethahala ho ‘na. Empa e ka khona ke tsamaee kajeno le hosasane le ka moso, hobane ha se ntho e lokelang hore moprofeta a bolaeloe kantle ho Jerusalema.
Jerusalema, Jerusalema, uena ea bolaeang baprofeta, ea tlepetsang ka majoe ba romiloeng ho uena! Ke hangata hakakang ke ratileng ho bokella bana ba hau, joalokaha khoho e bokella litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona empa u hanne! Joale le tla tlohelloa ntlo ea lona. Ke le bolella tsena, hobane ha le sa tla mpona họ be ho fihle nako eo ka eona le tla re: Ho bokoe ea tlang ka lebitso la Morena.
